Na U se U Kile Ua Hotetsa Moru?
CHE, u rialo. Empa butle! Mohlomong u kile ua o chesa. Mamela mantsoe a morutuoa Jakobo: “Leleme, leha e le sethoana se senyenyane, le ithorisa ka tse kholo. Bonang, molloana o monyenyane o ka chesa moru o mokakang!”—Jakobo 3:5.
Leleme ke setho sa bohlokoa bakeng sa puo, empa le ’nile la sebelisoa hampe haholo hakaakang! Batho ba sebelisa leleme ho bua leshano le ho etselletsa. Ka lona ba tšoaea-tšoaea ba bang liphoso ka mokhoa o mobe haholo, ba senya botumo ba bona bo botle, le ho ba etsetsa bomene-mene. Bahlohlelletsi ba merusu ba sebelisa leleme ho rotelletsa phetohelo ea ’muso. Adolf Hitler o ile a sebelisa leleme la hae ho hlophisetsa sechaba ntoa—‘ho chesa moru’ ka sebele!
Esita le ba nang le sepheo se setle ba ka “chesa moru” ka tsela e fokolang. Na u kile ua bua ho hong eaba joale hang-hang u lakatsa eka u ka be u sa ho bua? Haeba ho joalo, u utloisisa seo Jakobo a neng a se bolela ha a re: “Ha e le leleme, che, lona ha ho motho ea tsebang ho le thapisa.”—Jakobo 3:8.
Leha ho le joalo, re ka leka ho sebelisa maleme a rōna bakeng sa ho etsa hamolemo. Joaloka mopesaleme ka boikemisetso re ka re: “Ke tla hlokomela metsamao ea ka, ke tle ke se ke ka etsa sebe ka leleme la ka.” (Pesaleme ea 39:1, BPN) Ho e-na le ho tšoaea-tšoaea ba bang liphoso ka mokhoa o mobe haholo, re ka leka ho ba haha. Ho e-na le ho etselletsa batho, re ka bua hantle ka bona. Ho e-na le ho etsa bomene-mene le ho thetsa, re ka bua ’nete ’me ra ruta. Ha le susumetsoa ke pelo e ntle, leleme le ka bua mantsoe a babatsehang a folisang. Jesu o ile a sebelisa leleme la hae ka tsela e hlollang ho ruta batho ka tsela ea poloko.
Ka sebele, “lefu le bophelo li matleng a leleme.” (Liproverbia 18:21) Na leleme la hao ke le bolaeang kapa ke le phelisang? Na le “chesa moru” kapa lea o tima? Mopesaleme o ile a rapela Molimo: “Leleme la ka a le rorise lentsoe la hao, hobane litaelo tsa hao kaofela ke ho loka.” (Pesaleme ea 119:172) Haeba re hlaolela boikutlo bo kang ba mopesaleme, le rōna re tla sebelisa maleme a rōna bakeng sa ho etsa hamolemo.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
U.S. Forest Service photo