Na Bakreste ba Pele ba ne ba Sebelisa Lebitso la Molimo?
LEBITSO la Molimo le hlaha ka makhetlo a likete Mangolong a Seheberu, moo le emeloang ke litlhaku tse ’nè יהוה (YHWH, Tetragrammaton). Lintho tse sibolotsoeng ke baepolli ba lintho tsa khale li bontša hore pele Baiseraele ba isoa khōlehong, pele ho 607 B.C.E., lebitso lena le ne le tloaetse ho sebelisoa, ’me le hlaha khafetsa libukeng tsa Bibele tsa Esdrase, Nehemia, Daniele, le Malakia, tse ngotsoeng ka mor’a hore ba khutle khōlehong. Leha ho le joalo, butle-butle, ha nako ea ho hlaha ha Messia e ntse e atamela, Bajode ba ile ba ba lesisitheho ho sebelisa lebitso lena ka lebaka la tumela-khoela.
Na barutuoa ba Jesu ba ile ba sebelisa lebitso la Molimo (leo ka tloaelo le fetoleloang e le “Jehova,” kapa “Yahweh” ka Senyesemane)? Bopaki bo bontša hore ho joalo. Jesu o ile a ruta balateli ba hae ho rapela Molimo: “Lebitso la hao a le ke le khethehe.” (Mattheu 6:9) ’Me qetellong ea tšebeletso ea hae lefatšeng, o ile a rapela Ntate oa hae oa leholimo: “Lebitso la hao ke le senoletse batho bao u ’neileng bona lefatšeng.” (Johanne 17:6) Ntle le moo, likopi tsa pele tsa Septuagint, phetolelo ea Segerike ea Mangolo a Seheberu e neng e sebelisoa ke barutuoa ba Jesu, e ne e e-na le lebitso la Molimo ka sebōpeho sa Tetragrammaton ea Seheberu.
Ho thoe’ng ka Likosepele le Mangolo a mang a Segerike a Bokreste (“Testamente e Ncha”)? Ho ’nile ha behoa mabaka a hore kaha lebitso la Molimo le hlaha ho Septuagint, mohlomong le ne le hlaha le likoping tsa pele tsa Mangolo ana—bonyane tseo ho tsona Septuagint e qotsitsoeng. Ka hona, lebitso Jehova le hlaha ka makhetlo a fetang 200 ho New World Translation of the Christian Greek Scriptures. Ba bang ba ile ba nyatsa sena ka hore ha sea lokela. Leha ho le joalo, ho bonahala New World Translation e tšehetsoa ke mohloli o sa lebelloang: Talmud ea Babylona.
Karolo ea pele ea buka ena ea Sejode ea bolumeli e bitsoa Shabbath (Sabbatha) ’me e na le melao e mengata e bontšang hore na ho etsoe eng ka Sabbatha. Karolong e ’ngoe, ho na le moo ho buuoang ka hore na ebe ho loketse ho tlosa libuka tsa Bibele tse ngotsoeng ka letsoho mollong hore li se che ka Sabbatha, joale ho hlaha temana e latelang: “Tabeng e ngotsoeng ho boletsoe hore: Moo ho sa ngoloang letho [gil·yoh·nimʹ] le Libuka tsa Minim, re ka ’na ra li tlohela hore li che. R. Jose o itse: Ka matsatsi a mang a beke ntle le la Sabbatha motho o tlameha ho ntša Mabitso a Molimo a fumanehang libukeng tsena, a a pate, ’me a chese karolo e setseng. R. Tarfon o itse: E se eka bomalimabe ba hore ke epele mora oa ka bo ka ntlhahela haeba nke ke ka chesa libuka tse ngotsoeng ka letsoho li e-na le Mabitso a Molimo haeba nka li fumana.”—Phetolelo ka Dr. H. Freedman.
Ba-mi·nimʹ e ne e le bo-mang? Lentsoe lena le bolela “ba sehlotšoana sa bokhelohi” ’me le ka bolela Basadduci kapa Basamaria. Empa ho ea ka Dr. Freedman, temaneng ena ho bonahala eka le bolela Bakreste ba Bajode. Kahoo, gil·yoh·nimʹ, e fetoletsoeng e le “moo ho sa ngoloang letho” ho ea ka Dr. Freedman ke eng? Ho ka etsahala hore ebe ho na le meelelo e ’meli. E ka ’na ea ba libaka tseo ho nang le likheo ho tsona moqolong kapa meqolo e sa ngoloang letho. Kapa—tšebelisong e sa tobang ea lentsoe—e ka ba mengolo ea ba-mi·nimʹ, joalokaha eka mengolo ena ha e na thuso joaloka meqolo e sa ngoloang letho. Libukeng tse hlalosang mantsoe moelelo ona oa bobeli o fanoe e le “Likosepele.” Tumellanong le sena, polelo e hlahang ho Talmud pele ho karolo ena e qotsitsoeng ka holimo e baleha tjena: “Libuka tsa Minim li tšoana le moo ho sa ngoloang letho [gil·yoh·nimʹ].”
Ka ho loketseng, bukeng ea Who Was a Jew? ea Lawrence H. Schiffman, karolo ena e qotsitsoeng ka holimo ea Talmud e fetoletsoe ka mokhoa ona: “Ha re tlose mollong (ka Sabbatha) Likosepele le libuka tsa ba-minim (‘bakhelohi’). Ho e-na le hoo, li chesetsoa moo li leng teng, tsona le Tetragrammata ea tsona. Rabbi Yose Ha-Gelili o re: Har’a beke, motho o lokela ho ntša Tetragrammata ea tsona ’me a e pate ’me a chese karolo e setseng. Rabbi Tarfon o itse: E se eka nka epela bara ba ka! Haeba (libuka tsena) nka li fumana, ke tla li cheseletsa le Tetragrammata ea tsona.” Dr. Schiffman o tsoela pele ho pheha khang ea hore ba-mi·nimʹ mona ke Bakreste ba Bajode.
Na karolo ee ea Talmud e hlile e bua ka Bakreste ba pele ba Bajode? Haeba ho joalo, ke bopaki bo matla ba hore Bakreste ba ne ba kenyeletsa lebitso la Molimo, Tetragrammaton, Likosepeleng tsa bona le mengolong ea bona. ’Me ho ka etsahala hore Talmud e bua ka Bakreste ba Bajode mona. Ho na le tšehetso ea litsebi ponong ena, ’me ho Talmud taba e potolohileng e bonahala e fana ka tšehetso e eketsehileng. Karolo e latelang ena e ka holimo e qotsitsoeng ho Shabbath e pheta pale e amang Gamaliele le moahloli oa Mokreste eo ho eona ho buuoang ka likarolo tsa Thuto ea Thabeng.
E bile feela hamorao, ha Bokreste ba bokoenehi bo kheloha lithutong tse bonolo tsa Jesu, moo lebitso la Molimo le ileng la khaotsa ho sebelisoa ke ba ipolelang hore ke Bakreste ’me la tlosoa le likoping tsa Septuagint le Likosepeleng le libukeng tse ling tsa Bibele.
[Setšoantšo se leqepheng la 31]
Mehleng ea Jesu, lebitso la Molimo le ne le hlaha ho “Septuagint”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Israel Antiquities Authority