Joaloka Sefate
“LITHOTHOKISO li qaptjoa ke lithoto tse kang ’na, empa ke Molimo feela ea ka etsang sefate.” Ha se rorisa bokhabane bo boholo ba lifate, seroki Joyce Kilmer se ile sa fa Molimo tlotla ka tsela eo mabapi le pōpo ea tsona.
Jehova Molimo o entse lifate tsa mefuta e mengata haholo, tse khahlehang haholo, le tse molemohali. Ka ho tšoanang lifate tse nyenyane le lifate tse khōlō ka ho sa tloaelehang, li ka ba le botle bo sa hlaloseheng. Ho feta moo, lifate li fana ka lijo, patsi, le libaka tsa bolulo. Baqapi ba tsoela pele ho fumana tšebeliso e ncha ea patsi.
Ka Bibeleng, ka linako tse ling lifate li sebelisitsoe ka tšoantšetso ho emela mebuso, babusi, le batho ka bomong. (Ezekiele 31:1-18; Daniele 4:10-26) Lifate li amahanngoa le maemo a thabisang, a khotso, le a nala a tlisoang ke puso ea Jehova le ho tsosolosoa ha batho ba hae. (1 Likronike 16:33; Esaia 55:12; Ezekiele 34:27; 36:30) Hape Mangolo a tšepisa hore matsatsi a batho ba Molimo a tla ba joaloka a sefate. (Esaia 65:22) Sena se bolela ho hongata ha re hlokomela hore lifate tse ling li phela lilemo tse makholo.
Mopesaleme oa Bibele o itse motho ea ithabelang molaong oa Molimo “o joale ka sefate se hlomiloeng pel’a metsi a koellang, se beang litholoana tsa sona ka khoeli ea tsona, seo mahlaku a sona a sa foforeheng; see a se etsang kaofela sea mo atla.” Sefate se tlōkomang se neng se hlomiloe pel’a mohloli oa metsi a mangata se ile sa hopotsa mopesaleme ka katleho ea moea e neng e thabeloa ke ea ‘ithabelang molaong oa Jehova.’ (Pesaleme 1:1-3) Haeba u thabela molao oa Molimo le Lentsoe le Halalelang e le ka ’nete, matsatsi a hao a ka lekana le a sefate. Ha e le hantle, ka ho sebetsa tumellanong le tsebo e nepahetseng ea Jehova Molimo le Jesu Kreste, u ka thabela tšepo ea bophelo bo sa feleng.—Johanne 17:3.