Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 2/1 leq. 31
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bara ba Motho ba Bileng le Maikutlo a sa Tšoaneng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2002
  • Ho Nyehela Mahlabelo a Amohelehang ho Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Kaine o Fumane Mosali oa Hae Hokae?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Na Ruri ho Kile ha E-ba le Serapa sa Edene?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 2/1 leq. 31

Lipotso tse Tsoang ho Babali

Molimo o ile a lemosa Kaine hore ‘sebe se laletse monyako ’me litakatso tsa sona li lebile ho eena,’ e leng seo ho bonahalang eka se supa phoofolong e hlaha le phofu ea eona. (Genese 4:7) Ke hobane’ng ha ho ka sebelisoa puo e joalo haeba pele ho Moroallo, liphoofolo li ne li e-ja limela feela?

Libukeng tse ngotsoeng ke Moshe, re fumana litemana tse ’maloa tse bontšang linnete kapa liketsahalo tsa histori tseo ho ka bonahalang eka ha li tsamaelane le linako tseo li etsahetseng ka tsona historing.

Ka mohlala, tlaleho e ho Genese 2:10-14 e fana ka makolopetso a jeokrafi mabapi le tšimo ea Edene. Moshe o ngotse hore nōka e ’ngoe ke e ‘mathelang ’nģa bochabela ho Assyria.’ Empa naha ea Assyria e fumane lebitso la eona ho Asshur, mora oa Sema ea ileng a tsoaloa ka mor’a Moroallo. (Genese 10:8-11, 22; Ezekiele 27:23; Mikea 5:6) Ka ho totobetseng, tlalehong ea hae e nepahetseng, e bululetsoeng, Moshe o mpa feela a sebelisa lebitso “Assyria” ho bolela sebaka se neng se tsebahala ho babali ba hae.

Nahana ka mohlala o mong ho tsoa likhaolong tsa pele tsa Genese. Ka mor’a hore Adama le Eva ba etse sebe ’me ba lelekoe tšimong, Jehova o ile a ba thibela ho khutlela. Joang? Genese 3:24 e re: “A leleka motho, ’me a bea likerubime ka nģa bochabela ho tšimo ea Edene, tse nang le lerumo le benyang le ōmang ka ’nģa tsohle, ho thiba tsela ea sefate sa bophelo.” Hlokomela, “lerumo le benyang.” Na Molimo o qapile marumo?

Ha ho hlokahale hore re etse qeto ea hore ’Mōpi oa rōna ea lerato ke eena oa pele oa ho etsa seo re se tsebang e le marumo. Adama le Eva ba bone ka pele ho mangeloi ho potoloha ntho e benyang. Ha e le hantle e ne e le eng? Nakong ea ha Moshe a ngola buka ea Genese, marumo a ne a tsebahala haholo ’me a sebelisoa ntoeng. (Genese 31:26; 34:26; 48:22; Exoda 5:21; 17:13) Kahoo mantsoe a Moshe “lerumo le benyang” a ile a nolofaletsa babali ba hae hore ba iketsetse setšoantšo kelellong ho isa bohōleng bo itseng ka se neng se le teng monyako oa Edene. Boitsebiso bo neng bo tsejoa mehleng ea Moshe bo ile ba tlatsetsa ho utloisiseng litaba tse joalo. Le puo e sebelisitsoeng ke Moshe e tlameha e ne e nepahetse, hobane Jehova o ile a e kenyeletsa Bibeleng.—2 Timothea 3:16.

Joale ho thoe’ng ka Genese 4:7? Mona Jehova o ile a lemosa Kaine: “Ekare ha u etsa hantle, na sefahleho sa hao se ke ke sa ela na? ’Me ha u sa etse hantle, sebe se laletse monyako, ’me litakatso tsa sona li lebile ho uena, u mpe u se buse.” Joalokaha ho hlokometsoe, puo ho bonahala e hlahisa setšoantšo sa sebatana se hlaha se laletseng hore se tlolele ’me se harole phofu ea sona.

Leha ho le joalo, bopaki bo Bibeleng bo bontša hore Adama le Eva ba ne ba phela ka khotso le liphoofolo tsohle. Libōpuoa tse ling li tlameha li ne li lokoloha ho ba har’a batho, esita le ho phela le bona. Tse ling e ne e le libatana, liphoofolo tseo ka tlhaho li lulang hōle le batho. (Genese 1:25, 30; 2:19) Leha ho le joalo, Bibele ha e bolele hore liphoofolo leha e le life li ne li e-ja liphoofolo tse ling kapa batho. Qalong, ka ho toba Molimo o ile oa abela hore limela e be lijo tsa liphoofolo le batho. (Genese 1:29, 30; 7:14-16) Sena ha sea ka sa fetoha ho fihlela ka mor’a Moroallo, joalokaha Genese 9:2-5 e bontša.

Ho thoe’ng ka temoso ea Molimo ho Kaine, joalokaha re bala ho Genese 4:7? Ka sebele setšoantšo sa sebatana se kotsi se laletseng ’me se loketse ho tlolela phofu ea sona se ne se tla utloisiseha habonolo mehleng ea Moshe, ’me le rōna rea se utloisisa. Joale, hape, mohlomong Moshe o ne a sebelisa puo e tloaelehileng ho babali ba lefatše la ka mor’a Moroallo. ’Me esita le haeba ho se mohla Kaine a kileng a bona sebōpuoa se joalo, a ka be a ile a utloisisa temoso e neng e tšoantša takatso ea sebe e ho eena le sebatana se lapileng, se harolang.

Ka sebele litšobotsi tsa sehlooho tse tlamehang ho re ama ka ho tebileng haholoanyane ke tsena: Mosa oa Molimo hore a fe Kaine temoso, bohlokoa ba ho amohela keletso ka boikokobetso, kamoo ka ho bonolo feela mōna o ka senyang motho ka teng, le kamoo re lokelang ho nka ka ho teba ka teng litemoso tse ling tseo Molimo a li behileng ka Mangolong bakeng sa rōna.—Exoda 18:20; Moeklesia 12:12; Ezekiele 3:17-21; 1 Ba-Korinthe 10:11; Ba-Heberu 12:11; Jakobo 1:14, 15; Juda 7, 11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela