“Lipaki tsa Jehova li Ile tsa Ntšireletsa!”
MEHLENG ena ea qetello, ba bangata ba ipakile e le “ba hlaha, ba hloileng tsohle tse lokileng.” (2 Timothea 3:1, 3, BPN) Isaac, mosebeletsi oa moithaopi ofising ea lekala la Mokhatlo oa Watch Tower Afrika Bophirimela, o bone bonnete ba sena. Oa pheta:
“Ka January 1992, ke ne ke tsamaea ka tekesi le baeti ba bang ba bahlano ’mileng o molelele o seng o sa sebelisoe. Ke ile ka qalisa moqoqo le mosali ea neng a lutse haufi le ’na, ’me ka thabo o ile a amohela ho ’na bukana e lekanang le makasine e theiloeng Bibeleng.
“Ka tšohanyetso, hoo e batlang e le ka hora ea bone motšehare oa mantsiboea, koloi e ncha e se nang linomoro tsa ngoliso ea makoloi e ile ea fihla e khaohanya ’mila ka pele ho rōna, ’me koloi ea rōna e ile ea etsa lerata le leholo ha e ema ka tšohanyetso. Banna ba bararo ba liqhobane, e mong le e mong a nkile sethunya, ba ile ba tlōla koloing eo e ’ngoe ’me ba bula mamati a rōna ka potlako. E mong oa bona o ile a puruma, ‘Tsoelang ka ntle, kaofela ha lōna.’
“Monna e mong o ile a hloibila mokotla oa ka oa libuka. Ha a hlokomela hore o ne o tšetse libuka tsa Bibele feela, o ile a o lahlela hōle. O ile a botsa a ntšupile ka sethunya, ‘Ke’ng hape eo u nang le eona?’ Ke ile ka potlakela ho mo neha chelete e ka sepacheng sa ka. O ile a botsa: ‘Na ke phetho?’ Ke ile ka mo bolella hore ke e mong oa Lipaki tsa Jehova le hore Lipaki ha li bue leshano. O ile a phamola sepache sa ka ho ’na, a bona karete ea ka ea boitsebahatso ea Watch Tower eaba o re, ‘Ho lokile, Watchtower. Ema mona.’
“Ka mor’a moo, a fetohela ka ho mosali eo ke neng ke ntse ke qoqa le eena ka tekesing. Ka potlako o ile a rola sefaha sa hae ’me a se neha monna eo le chelete e ka sepacheng sa hae. Ha lesholu lena la litseleng le hlokomela bukana e lekanang le makasine letsohong la hae le thothomelang, le ile la nka hore re ne re le ntho e le ’ngoe, eaba le mo supisa hore a eme le ’na.
“Ka nako e tšoanang, likebekoa tse ling tse hlometseng ka mabifi tsa hlasela batsamai-’moho le rōna. Li ile tsa otla le ho tlatlapa mokhanni le monna e mong ea neng a tsamaea le rōna. Lesholu le leng le ile la hloibila sefaha sa mosali oa bobeli. Ha a hana ka sona, ba ile ba mo otla hloohong le sefubeng ka mefeng ea lithunya ba halefile ho fihlela a e-shoa. Mosali oa boraro ba ile ba mo hulanya ho mo ntša ka koloing ’me ba mo thunya sefubeng. Ka masoabi, le eena o ile a shoa. E bile ’na feela le mosali eo e mocha ba sa kang ba hlahisoa kotsi ea letho.
“Ha hamorao re palamisoa ke motho e mong ea fetang ka koloi, mosali ea tšohileng haholo o ile a tsoela pele a ntse a pheta-pheta, ‘Lipaki tsa Jehova li ile tsa ntšireletsa!’”