Bokamoso ba Bacha ba Rōna ke Bofe?
TŠOKELO ea nyutlelie—ho sa tsotellehe hore na ke ea libomo tsa batšosi kapa ke ea likotsi tse hlahang libakeng tseo ho fehloang nyutlelie ho tsona—e tšosa bohle. U ka ’na ua tšoenyeha ka ho loketseng haholo-holo ka bacha, ho akareletsa bana ba hao le litloholo. Ho soabisa hakaakang ho hlokomela hore tšokelo ea nyutlelie e beha bophelo bo botle le bokamoso ba bana leha e le bafe kotsing.
Empa betang lipelo. Ho na le lebaka la hore u be le tšepo ka bokamoso ba bacha. Motheo oa tšepo ena o itšetlehile, eseng ka boiteko ba batho ba ho sireletsa bacha ba rōna, empa ka bokamoso bo matsohong a ’Mōpi oa rōna.
Ha Mor’a Molimo, Jesu, a ne a ruta Bochabela bo Hare, o ile a bonahatsa kameho bakeng sa bacha. (Mareka 9:36, 37, 42; 10:13-16) Bibele e bontša hore kameho e tšoanang e tla bontšoa qetellong ha Molimo a felisa tšokelo ea nyutlelie ’me a etsa paradeise ea lefatše lohle. Bacha ba rōna ba ka thabela seo, le uena u ka se thabela.
Haeba u ka thabela boitsebiso bo eketsehileng kapa u lakatsa hore motho e mong a u etele hore a u rute Bibele a sa u lefise, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.