Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 8/15 leq. 32
  • Mantsoe a Ngotsoeng a Nang le Moelelo o Khethehileng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Mantsoe a Ngotsoeng a Nang le Moelelo o Khethehileng
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 8/15 leq. 32

Mantsoe a Ngotsoeng a Nang le Moelelo o Khethehileng

“IEHOVA SIT TIBI CUSTOS”

MANTSOE ana a ngotsoeng leboteng le ka pele la ntlo ea lekholong la lilemo la bo17 Celerina, Switzerland bochabela, a bolela “Jehova e be mosireletsi oa hao.” Sebakeng sena se lithaba, ho tloaelehile ho fumana lebitso la Molimo le ngotsoe kapa le pentiloe matlong, likerekeng, le matlong a baprista ba pharishe ao ho fetileng makholo a lilemo a le teng. Ho tlile joang hore lebitso Jehova le tsebahale hakaale?

Rhaetia ea boholo-holo (e kopanyeletsang moo hona joale e leng Jeremane boroa-bochabela, Austria, le Switzerland bochabela) e ile ea e-ba profinse ea Roma ka 15 B.C.E. Baahi ba eona ba ile ba bua Seromanshe, e leng puo e tsoang Selatineng e ileng ea fetoha maleme a mangata a sa ntseng a buuoa libakeng tse ling tsa liphula tsa Alpine tsa Switzerland le Italy leboea.

Hamorao, likarolo tsa Bibele li ile tsa fetoleloa ho Seromanshe. Khatiso e ’ngoe, Biblia Pitschna, e ne e fupere Lipesaleme le Mangolo a Segerike a Bokreste. Bibeleng ena, e hatisitsoeng ka 1666, lebitso Iehova le hlahile ka makhetlo a mangata ho pholletsa le Lipesaleme. Kaha Bibele e ne e le sengoliloeng se ka sehloohong se neng se baloa ka lapeng, babali ba Biblia Pitschna ba ile ba tloaelana le lebitso la ’Mōpi.

Leha ho le joalo, meloko e latelang e ile ea felloa ke thahasello litabeng tsa Bibele. Ba bangata ha baa ka ba khathatseha ka ho batla hore na lentsoe “Iehova” le bolela’ng, leha e le hona hore baruti ba kile ba etsa boiteko leha e le bofe ba ho le hlalosa. Kahoo, mengolo ena e ile ea fetoha mekhabiso feela e khethollang mehla e fetileng.

Mashomeng a lilemo a morao tjena ho bile le phetoho e sa tloaelehang tabeng ea kutloisiso. Lipaki tsa Jehova li tlohile mabalane, tsa e-ba nakong ea tsona ea phomolo li le liphuleng tsena tse ntle ’me li etsa boiteko bo khethehileng ba ho ruta baahi ba tsona ka Molimo eo lebitso la hae e leng Jehova. Lipaki tse ling li bile tsa lula sebakeng sena e le hore li ka qeta nako e eketsehileng li bolella batho ka merero e hlollang ea ’Mōpi bakeng sa lefatše le motho. Ka hona, mantsoe ana a ngotsoeng khale a Seromanshe a ba le moelelo o mocha ha batho ba ntse ba ithuta ka Molimo oa ’nete, Jehova.

[Litšoantšo tse leqepheng la 32]

IEHOVA PORTIO MEA: Jehova ke kabelo ea ka.—Bona Pesaleme ea 119:57

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela