Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 9/15 leq. 32
  • “Metso e ke Keng ea Motsuloa”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Metso e ke Keng ea Motsuloa”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 9/15 leq. 32

“Metso e ke Keng ea Motsuloa”

HAR’A lintho tse phelang lefatšeng tse khōlō ka ho fetisisa le tse bileng teng ka nako e telele ka ho fetisisa ke lifate tsa sequoia tsa California. Limakatso tsena tse phahameng haholo ha li se li hōtse ka ho feletseng li bophahamo ba limithara tse 90 ’me li ka phela lilemo tse ka holimo ho 3 000.

Le hoja ponahalo ea sequoia e susumetsa tšabo, tsamaiso ea metso ea eona e sa bonahaleng e khahleha ka ho tšoanang. Metso ea sequoia ke phate e ka ’nang ea koahela sebaka sa boholo ba liheketere tse 1,2 ho ea ho tse 1,6. Tsamaiso ena ea metso e khōlōhali e fana ka tšireletso e tiileng esita leha ho e-na le likhohola kapa meea e matla. Ho bile hoa khoneha hore sequoia se mamelle tšisinyeho ea lefatše e matla!

Morena Salomone o ile a khetha tsamaiso ea metso e matla ea sefate e le tšoantšiso maeleng a mang a hae. O itse: “Ha ho motho ea ka itsitsisang ka bokhopo, empa motho ea molemo o na le metso e ke keng ea motsuloa.” (Liproverbia 12:3, The New English Bible) E, batho ba khopo ba ke ke ba lula ba tsitsitse. Katleho leha e le efe eo ho bonahalang eka ba na le eona ke ea nakoana feela, hobane Jehova o tšepisa hore “tebello ea motho ea sa lokang e tla timela.”—Liproverbia 10:28.

Ena ke temoso bakeng sa ba bolelang hore ke Bakreste, hobane Jesu o boletse hore ba bang ba ne ba sa tl’o ba le “motso” ka ho bona ’me ba ne ba tla khoptjoa. (Mattheu 13:21) Ho feta moo, moapostola Pauluse o ile a ngola ka batho ba neng ba tla ‘fetohela moeeng o mong le o mong oa thuto e ncha [ea bohata].’ (Ba-Efese 4:14) See se ka thibeloa joang?

Hantle feela joalokaha metso ea sequoia e nama ka ho pharaletseng mobung oa lefatše o ōtlang, kahoo ho hlokahala hore likelello le lipelo tsa rōna li batlisise ka hloko le ka ho pharaletseng Lentsoeng la Molimo ’me li khe metsi a lona a bolokang bophelo. Sena se tla re thusa ho hōlisa tumelo e tiileng e metseng ka metso. Ha ho pelaelo ea hore re tla utloa liphello tsa liteko tse mabifi. Re ka ba ra sisinyeha joaloka sefate, ha re le mahlomoleng. Empa haeba tumelo ea rōna e na le motheo o motle re tla ipaka re le ba nang le “metso e ke keng ea motsuloa.”—Bapisa le Ba-Heberu 6:19.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela