Ke Hobane’ng ha ba Khopo ba Atleha?
“NA BA bolotsana ba phela ke’ng?” Potso ena e ile ea botsoa khale haholo ke Jobo ea tšepahalang, ’me e ’nile ea phetoa ka makhetlo-khetlo ho tloha mehleng ea hae. Ho ka etsahala hore ebe e likelellong tsa batho ba bangata naheng eo pele e neng e le Yugoslavia (joaloka mosali ea bontšitsoeng leqepheng le kantle la makasine ena) ba llelang ba utloang bohloko ntoeng e sehlōhō. Ke hobane’ng ha batho ba khopo ba hlile ba tsoela pele ba bile ba atleha? Joalokaha Jobo a ile a hlokomela, hangata “matlo a bona a lutse khotsong, a sirelelitsoe ho se tšabo, thupa ea Molimo ha e lule holim’a bona.”—Jobo 21:7, 9.
Na see se bolela hore ho sebeletsa Molimo, ho rata moahisani oa motho, le ho qoba ho etsa bobe ha ho na molemo? Le letho! Bibele e re fa pono e nepahetseng ha e re: “U se ke ua leka ho phahamela ba khopo kapa ho lekana le ba etsang se fosahetseng. Hobane ba pona kapele joaloka joang, ’me ba fela joaloka botala ba selemo. Tšepa MORENA ’me u etse se molemo.”—Pesaleme ea 37:1-3, The New English Bible.
E, se bonahalang eka ke katleho ea batho ba khopo ke sa nakoana. Ha e le hantle, bophelo ba bona bo bokhutšoanyane haholo, ha ba sebeletsang Molimo ba na le tšepo e khanyang bakeng sa nako e tlang. Haufinyane, tšepiso ea Molimo e tla phethahala: “Molimo o tla hlakola meokho eohle mahlong a bona; lefu ha le sa tla hlola le e-ba teng; ’me ha ho sa tla ba masoabi, leha e le ho bokolla, kapa bohloko; hobane tsa pele li fetile.” (Tšenolo 21:4) Ke ba lokileng feela, eseng ba khopo, ba tla ba teng ka nako eo. Ke khothatso e kaakang bakeng sa ho atamela haufi le Molimo le ho ithuta ho etsa thato ea hae, ho sa tsotellehe hore na ba re potolohileng ba khopo hakae!
Haeba u rata ho fumana boitsebiso bo eketsehileng kapa ho ba le motho ea u etelang ho u khannela thuto ea lehae ea Bibele e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.