“Bakreste ba ’Nete ba Lokela ho Itšoara ka Tsela Eo”
BUKENG ea hae ea 1990 Arbeit macht tot—Eine Jugend in Auschwitz (Mosebetsi oa U Bolaea—Bohlankaneng Auschwitz), Tibor Wohl mophonyohi oa Auschwitz o fana ka moqoqo oo a ileng a o utloa o le lipakeng tsa batšoaruoa-’moho le eena ba babeli ba sa ’mone. E mong, Moaustria, o ne a ipolela “e se molumeli.” Leha ho le joalo, o ne a rorisa batšoaruoa ba nang le letšoao le pherese le likhutlo li tharo—Liithuti tsa Bibele, kamoo Lipaki tsa Jehova li neng li bitsoa kateng kampong.
“Ha ba ee ntoeng,” ho ile ha rialo Moaustria ho motsoalle oa hae. “Ba ka mpa ba bolaoa ho e-na le ho bolaea motho leha e le mang e mong. Ponong ea ka Bakreste ba ’nete ba lokela ho itšoara ka tsela eo. Ke tlameha ho u bolella ka ketsahalo e thabisang haholo eo ke bileng le eona le bona. Re ne re le ’moho le Bajode le Liithuti tsa Bibele ka mohahong o le mong ka kampong ea mahloriso ea Stutthof. Mehleng eo Liithuti tsa Bibele li ne li lokela ho sebetsa ka thata li qobelloa, kantle serameng se batang ka ho fetisisa. Re ne re sa utloisise hore na ba pholoha joang. Ba ne ba re Jehova o ba fa matla. Ba ne ba hloka bohobe ba bona haholo, kaha ba ne ba bolaisoa tlala hore ba shoe. Empa ba ile ba etsa joang? Ba ne ba bokella bohobe bohle boo ba neng ba e-na le bona, ba nke halofo ea bona ’me halofo e ’ngoe ba e neha baena ba bona, baena ba bona ba moea, ba neng ba e-tla ba manne ke tlala ba e-tsoa likampong tse ling. ’Me ba ne ba ba amohela ka mofuthu le ho ba aka. Pele ba e-ja, ba ne ba rapela, ’me ka mor’a moo lifahleho tsa bona li ne phatsima ke thabo. Ba ne ba re ha ho sa na ea lapileng. Ka hona, ua bona, ke kahoo ke ileng ka nahana, ‘Bana ke Bakreste ba ’nete.’ Ke kamoo kamehla ke ’nileng ka nahana hore ba lokela ho ba joalo. Ho ne ho tla ba monate hakaakang mona Auschwitz ho fa metsoalle ea rōna kamohelo e mofuthu joalo!”