Maikutlo a Buellang Tumelo
BOFELONG ba lekholo le fetileng la lilemo, maikutlo a neng a tšehetsa saense, filosofi, le ho khesa bolumeli a ne a e-na le phello e kotsi tabeng ea tumelo ho Molimo le ho bululeloa ha Bibele.
Empa e ne e se ’ona feela maikutlo a neng a boleloa. Bafuputsi ba bangata ba ile ba bona hore ho na le ho hongata ho ka boleloang ho tšehetsa tumelo ho Molimo ho e-na le ho tšehetsa khopolo ea ho latola boteng ba Molimo. Liphuputso tsa bona le tsona li ile tsa senola bopaki bo bongata ba hore Bibele ke Lentsoe le bululetsoeng la Molimo.
E mong ea ka sehloohong ea ileng a hlahisa maikutlo tabeng ena ke C. T. Russell. Ba limilione ba ile ba bala buka ea hae ea 1886 e bitsoang The Divine Plan of the Ages. Khaolo e matla ea eona e ne e le e reng, “The Existence of a Supreme Intelligent Creator Established [Boteng ba ’Mōpi ea Phahameng ea Bohlale bo na le Bopaki bo bo Emelang].”
Ka mashome a latelang a lilemo, Russell o ile a ngola lihlooho tsa litaba, lipampitšana, le libuka tse neng li fana ka mabaka a matla a ho lumela ho Molimo le Bibele. Lingoliloeng tsena li ile tsa hatisoa ke Watch Tower Bible and Tract Society. Mopresidente oa eona oa bobeli, J. F. Rutherford, o ile a ngola Creation (1927) le libuka tse ling tse ileng tsa tsoela pele ho tšehetsa maikutlo a buellang tumelo.
Mokhatlo ona o sa tsoa lokisetsa boitsebiso bo eketsehileng bo nakong litabeng tsena. Lipaki tsa Jehova li ka u fa bona hore u bo hlahlobe ka ho bo nahana ka hloko.
Haeba u ka ananela boitsebiso bo eketsehileng kapa u ka lakatsa hore motho e mong a u etele ho tla u tšoarela thuto ea Bibele ea lapeng e sa lefelloeng, ka kōpo ngolla ho Watch Tower, Private Bag X2067, Krugersdorp, 1740, kapa atereseng e loketseng ho tse thathamisitsoeng leqepheng la 2.