Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 12/1 leq. 8
  • “U Etse Mosebetsi oa ’Moleli oa Evangeli”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “U Etse Mosebetsi oa ’Moleli oa Evangeli”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “U Etse Mosebetsi oa Moevangeli”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
  • Bakreste Bohle ba ’Nete e Tlameha ho ba Baboleli ba Evangeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1992
  • Phetha Mosebetsi oa Hao oa Boevangeli
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Baboleli ba ’Nete ba Evangeli Ke Bo-mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 12/1 leq. 8

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

“U Etse Mosebetsi oa ’Moleli oa Evangeli”

HO BA ’moleli oa evangeli ho bolela eng? Lentsoe lena ke phetolelo ea lentsoe la Segerike eu·ag·ge·li·stesʹ, le amanang haholo le lentsoe eu·ag·geʹli·on, le bolelang “litaba tse molemo.” Kahoo, ’moleli oa evangeli ke ’moleli, kapa lenģosa, la litaba tse molemo.

Bakreste bohle ba ’nete ke baboleli ba evangeli hobane ba bolela litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo. Ka ho loketseng, moapostola Pauluse o ile a khothatsa Timothea hore a “etse mosebetsi oa ’moleli oa Evangeli.” Timothea o ne a tlameha ho nka mosebetsi ona ka ho teba. Pauluse o ile a mo khothalletsa ho ‘falimeha nthong tsohle’ le ho ‘phethisisa tšebeletso ea hae.’—2 Timothea 4:5.

Joaloka baevangeli, le rōna re nka tšebeletso ea rōna ka ho teba ’me rea ‘falimeha,’ kapa re lula re falimehetse ho aba litaba tse molemo ha monyetla o mong le o mong o hlaha. Ka tsela ena ba bangata ba khonne ho tseba Jehova le litšepiso tsa hae ka mor’a ho teana le Lipaki tsa Jehova ka tsela e sa reroang. Sena ke sona se etsahalletseng Seymore, monna ea lulang Barbados.

Seymore e ne e le tichere sekolong sa sechaba. Charles, eo e neng e le tichere ea nakoana hona sekolong seo ’me e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, e ne e le ’moleli ea falimehileng oa evangeli. E ne e le mosebeletsi oa nako e tletseng, kapa pula-maliboho, ’me a sebelisa monyetla o mong le o mong bakeng sa ho abela ba bang litaba tse molemo. E bile ka bopaki ba Charles bo sa reroang moo Seymore a ileng a utloa molaetsa oa ’Muso ka lekhetlo la pele.

Kapele Seymore o ile a ikemisetsa ka matla ho abela ba bangata kamoo ho ka khonehang linnete tsa Bibele. Kahoo o ile a qala meqoqo e sa reroang le batho bao a sebetsang le bona, haholo-holo liithuti tsa hae. Le hoja linaheng tse ling bolumeli bo sa rutoe likolong tsa sechaba, monna enoa o ile a abeloa ho ruta litekanyetso tsa bolumeli le tsa boitšoaro. Ka nako ena pono ea pele ea Seymore litabeng tsena e ne e nketsoe sebaka ke tsebo ea hae eo a sa tsoa e fumana ea Bibele. Nakong ea khefu, o ne a buisana le barutoana ba hae ka tšepiso ea Molimo ea lefatše le lecha le tebello ea bophelo bo sa feleng.

Bana ba ile ba arabela joang? Ba bangata ba ile ba bontša thahasello ea sebele litabeng tse molemo tsa ’Muso oa Jehova. Ka mor’a nako, Seymore o ile a qala ho khanna lithuto tsa Bibele le liithuti tsa hae tse 13. Li ile tsa bontša thahasello e khōlō hoo li ileng tsa etsa tokisetso ea hore li ithute Bibele habeli ka beke. Qetellong tse ngata tsa tsona li ile tsa qala ho ba teng libokeng tsa Bokreste Holong ea ’Muso ea Lipaki tsa Jehova ea sebakeng seo. Ho fihlela joale tse robong tsa tsona li fetohile Lipaki tsa Jehova tse inehetseng le ho kolobetsoa. Ha e le Seymore, hona joale o phethisisa tšebeletso ea hae ka ho sebeletsa e le pula-maliboho ea kamehla ’me ke moholo ho e ’ngoe ea liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse leng Barbados.

Ona ke mohlala o mong oa kamoo Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle ‘li etsang mosebetsi oa baboleli ba evangeli,’ ka ho kopanela bopaking bo sa reroang. Li latela keletso ea Bibele e fumanoang ho Ba-Kolosse 4:5, 6, e reng: “Tsamaeang ka bohlale pel’a ba kantle, le ntse le lopolla linako. Le polelo tsa lōna e be tse molemo ka mehla, tse nokiloeng ka letsoai, le tle le tsebe kamoo le tšoanetseng ho araba e mong le e mong kateng.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela