Buka ea Lipina e Ratoang Haholo ke Irina
HASE khale haholo ha Irina, ngoanana ea lilemo li robong oa Sofia, Bulgaria, a ne a kolobetsoa ho ba e mong oa Lipaki tsa Jehova. O rata ho bina ’me ka ho khetheha o thabela lipina tse bukeng ea Binelang Jehova Lithoriso. Irina o ile a ipehela pakane ea ho ithuta lipina tse seng kae ka hlooho khoeli e ’ngoe le e ’ngoe.
E ’ngoe ea lithuto tsa sekolo tse ratoang haholo ke Irina ke ea ’mino. Kahoo tichere ea hae ea ’mino e ile ea makala ha Irina a hana ho amohela memo ea ho bina k’hoaereng ea sekolo. Ke hobane’ng ha Irina a ile a hana? O ile a hlokomela hore boholo ba ’mino oo a neng a tla o bina o ne o tlotlisa bahale ba sechaba le matsatsi a phomolo a simolohileng boheteneng. Lipina tse ling li ne li bile li khothaletsa bofetoheli le pefo bakeng sa ho ntšetsa pele likhopolo tsa sechaba. Tichere e ne e sitoa ho utloisisa boemo ba Irina tabeng ena. Irina o ile a ngola lengolo ho hlalosetsa tichere ea hae tumelo ea hae ea bolumeli—empa la se ke la thusa letho.
Ntate oa Irina o ile a ba le khopolo e ’ngoe. O ile a neha tichere kopi ea buka ea Binelang Jehova Lithoriso, e nang le lipina tseo Irina a ratang ho li bina. Matsatsi a se makae hamorao, tichere e ile ea bitsetsa Irina phaposing ea ’mino. Ea kōpa Irina ho bina tse ling tsa lipina tseo a li ratang haholo bukeng eo—ka pel’a sehlopha sa baithuti-’moho le eena—ha tichere eona e ntse e tsamaisana le eena ka piano. ’Mino oo o ile oa tšoarella nako e fetang hora! Tichere e ile ea tlameha ho lumela hore buka ea lipina e ratoang haholo ke Irina e na le ’mino o babatsehang.