Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 4/1 leq. 32
  • “Ho Hlokahala Hore le be le Mamello”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ho Hlokahala Hore le be le Mamello”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 4/1 leq. 32

“Ho Hlokahala Hore le be le Mamello”

RE HLOKA ho ba “le mamello” haeba re tla amohela “phethahatso ea tšepiso.” (Baheberu 10:36) Setsebi se seng sa Bibele se hlalosa hore lentsoe la Segerike leo moapostola Pauluse a ileng a le sebelisa temaneng ena bakeng sa “mamello,” ka linako tse ling le sebelisoa ho hlalosa “bokhoni ba semela ba ho phela tlas’a maemo a thata le a sa rateheng.”

Lithabeng tsa Europe, ho mela semela se joalo. Ka ho makatsang se bitsoa phela ka ho sa feleng. Leha ho le joalo, semela sena sa alpine hase phele ka ho sa feleng, empa se khona ho mamella ka lilemo tse ngata, se hlahisa lithung-thung tse khahlang lehlabula le leng le le leng. The New Encyclopædia Britannica e hlalosa hore semela seo se ile sa bitsoa phela ka ho sa feleng ka lebaka la “bothata le ho tšoarella” ha sona. (Lebitso la saense la limela tsena tsa mofuta oa Sempervivum le boetse le bolela “phela ka ho sa feleng.”)

Se etsang hore semela sena se lulang nako e telele e be se ikhethang ke hore se hōla libakeng tse sa thabiseng ka ho fetisisa. Se ka fumanoa holimo matsoapong a lithaba a puputloang ke lifefo, moo tekanyo ea mofuthu le mohatsela e ka theohang ka sekhahla ka 35° C. ka lihora tse 24 feela. Se ka mela mapetsong a majoe a nang le mobu o fokolang. A mang a makunutu a ho mamella ha sona maemong a thata joalo ke afe?

Phela ka ho sa feleng e na le makhasi a mongobo, a bolokang metsi ka hloko. A se nolofaletsa ho sebelisa ka ho feletseng monyetla oa mongobo o teng oa pula kapa oa lehloa le qhibilihang. Ho feta moo, e mela ka masihla a teteanang ho tiisa ho itšoarella ha eona ka thata moo e metseng teng majoeng. Ka ho mela mapetsong, e sireletseha boemong ba leholimo, le hoja a ka ’na a e-ba le mobu o fokolang. Ka mantsoe a mang, e atlehisoa ke ho sebelisa monyetla o mong le o mong maemong a thata.

Ha re bua ka tsela ea moea, re ka ’na ra iphumana re le tlas’a maemo a lekang boleng ba mamello ea rōna. Ke’ng se tla re thusa ho mamella ha re le tlas’a teko? Ho tšoana le semela sa phela ka ho sa feleng, re ka bokella metsi a fanang ka bophelo a Lentsoe la Molimo ’me ra tloaelana haufi-ufi le Bakreste ba ’nete bakeng sa tšehetso le tšireletseho. Ka holimo ho tsohle, ho tšoana le palesa ea alpine, re lokela ho khomarela “lefika” la rōna Jehova, hammoho le Lentsoe la hae le mokhatlo oa hae o hlophisitsoeng.—2 Samuele 22:3.

Ka sebele, semela sa phela ka ho sa feleng ke khopotso e ipiletsang ea hore, esita le har’a tikoloho e khopo, re ka mamella haeba re sebelisa monyetla oa litokisetso tse teng. Jehova o re tiisetsa hore mamello e joalo e tla re lebisa ho ‘rueng litšepiso,’ e leng bophelo bo sa feleng.—Baheberu 6:12; Matheu 25:46.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela