“Ha Ke Lore, Kapa Kea Lora?”
Tlaleho e latelang e tsoa Malawi mabapi le e ’ngoe ea Likopano tsa Setereke tsa Lipaki tsa Jehova tsa “Barorisi ba Thabileng” e ileng ea ikhetha historing, e neng e tšoeroe lehlabuleng la 1995.
“’MILENG o moholo, haufi le lebōpo le ka bophirimela ho Lake Malawi, ho behiloe letšoao le neng le qala ho behoa ka mor’a lilemo tse 29. Le baleha tjena, ‘Kopano ea Setereke ea Lipaki tsa Jehova.’
“Teraka e khōlōhali e emisitsoe ka thōko ho letšoao leo, ’me lekarecheng la eona ho theoha baeti ba fetang 200 ba tsoa toropong ea Mzuzu. Ba tlile le lishoba tsa liaparo, likobo, lipitsa, linkho, lijo, patsi le Libibele ho tla kopana le bara le barali babo bona ba ka bang 3 000 ba tsoang libakeng tse ling.
“Ha re ntse re lumelisa barab’abo rōna ba theohang terakeng, George Chikako, ea lilemo li 63, a fihla, a sututsa baesekele ea hae har’a lehlabathe, ka mor’a ho soaela matsatsi a mabeli ho tloha Nkhotakota. Ka lilemo tse ngata, Mor’abo rōna Chikako o ile a sebeletsa likahlolo tse ’ne teronkong ka lebaka la ho hana ho sekisetsa melao-motheo ea Bibele. Motsoal’ae o ile a bolaoa ke ho otloa ha a ntse a le teronkong. ‘Ha ke lore, kapa kea lora?’ Mor’abo rōna Chikako oa botsa. ‘Kopano ena e tšoeroe har’a mp’a motšehare, ’me batho baa ba bina lipina tsa ’Muso ka mantsoe a phahameng! Nakong ena kaofela, re ne re tlameha ho kopana har’a lefifi la bosiu, re hoeshetsa lipina tsa ’Muso, ’me re pikitla matsoho bakeng sa ho opa mahofi. Hona joale re kopana pontšeng, ’me batho ba maketse ho bona hore re bangata hakana ha ba ne ba nahana hore rea fokola!’
“Sebaka sa kopano se sirelelitsoe ka joang ’me se ruletsoe ka lehlaka bakeng sa ho fana ka moriti. Matlo a manyenyane a joang le likamore tse bulehileng li ne li hahetsoe bolulo ba baeti bana. Moea oa bosiu o tletse molumo oa mantsoe a babatsehang a ’mino a seng a sa hlole a binela tlaase ke ho tšaba tlhoriso.
“E ne e le ho loketseng hakaakang hore ebe kopano eo e ne e e-na le sehlooho se reng, ‘Barorisi ba Thabileng’!”
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Mountain High Maps® Copyright © 1995 Digital Wisdom, Inc.