“U se ke Ua ba Leleka!”
CORRIERE DELLA SERA ea eletsa: “Haeba e mong oa Lipaki tsa Jehova, leha ba ka ba babeli, ba ka letsa tšepe monyakong oa hao, u se ke ua ba leleka!” Koranta eo e ne e bua ka se neng se etsahetse Treviso, Italy ka leboea, moo rakhoebo e mong a neng a batlile a lahleheloa ke li-lire tse fetang milione (chelete e ka holimo ho R2 600) ka lebaka la ho leleka Lipaki tse peli tse neng li mo etetse.
Ho latela koranta eo, Lipaki tse peli li ile tsa itsebisa monna eo ka mantsoe ana: “U lehlohonolo kajeno. Re Lipaki tsa Jehova, ’me re na le se itseng sa bohlokoa seo re tlil’o u fa sona.” Ha li rialo, rakhoebo eo ea seng botsoalle o ile a koala lemati, a se ke a li lumella ho qeta taba.
Haeba monna eo a ne a ile a mamela, a ka be a ile a tseba hore Lipaki tseo li ne li tlile ha hae ho tla mo neha sepache sa hae seo li neng li se thotse bencheng e serapeng sa boikhathollo. Ka hona, ho ne ho se seo Lipaki li ka se etsang haese ho isa sepache seo le tse ka hare ho sona sepoleseng se haufinyane. Letsatsing le hlahlamang, mapolesa a ile a se khutlisetsa ho mong’a sona.
Il Gazzettino di Treviso e ile ea re: “Haeba e mong osele a ne a le boemong ba ba babeli bao ba lelekiloeng [Lipaki], mohlomong a ka be a ile a . . . ipolokela chelete eo e ngata. Empa ha ho joalo ka Lipaki tsa Jehova, tse tšoanelang ho tšepahala ka ho feletseng.”
Ke eng e susumetsang Lipaki tsa Jehova ho “tšepahala ka ho feletseng”? Ke lerato la tsona ho Molimo le ho moahisani, tumellanong le lithuto tsa Jesu Kreste. (Matheu 22:37-39) Ke ka lebaka leo hape Lipaki tsa Jehova li tsamaeang ka ntlo le ntlo ho bolela litaba tse molemo tsa “lefatše le lecha” le tsotehang, le tšepisitsoeng ke Jehova Molimo. Molaetsa o joalo oa tšepo o bohlokoa haholo ho feta letlotlo leha e le lefe la lintho tse bonahalang!—2 Petrose 3:13.