Litšōmo Tsa Moroallo li Tšehetsa Tlaleho ea Bibele
MOROALLO o akaretsang oa mehleng ea Noe ke ’nete ea histori. Litlhaloso tse amanang le tlaleho ena li fumanoa paleng e phetoang ea lichaba tse ngata ho pota lefatše. Naheng e ’ngoe ea Afrika ea Chad, morabe oa Moussaye o hlalosa Moroallo ka tsela ena:
‘Ba re e ne e re, e le sebakeng se seng se hōle, moo ho neng ho phela lelapa le leng. Ka letsatsi le leng, ’mè oa lelapa lena o ne a batla ho phehela lelapa la hae lijo tse latsoehang. Kahoo a nka kutu e fatiloeng le mokhobo bakeng sa ho setla nyalothe ho etsa phofo. Nakong eo leholimo le ne le le haufi haholo le lefatše ho feta hona joale. Ha e le hantle, haeba u ne u otlolla letsoho, u ne u le thetsa. O ile a setla nyalothe ka matla ’ohle a hae, ’me lithollo tseo a li setlileng tsa fetoha phofo ka potlako. Empa ka ho se tsotelle mosali enoa ha a ntse a setla, o ile a phahamisa mokhobo oa hae haholo, ’me a phunya leholimo lesoba! Hang-hang, metsi a mangata haholo a qala ho tšolohela lefatšeng. Ena e ne e se pula e tloaelehileng. E ile ea na ka matsatsi a supileng le ka masiu a supileng ho fihlela lefatše lohle le koahetsoe ke metsi. Ha pula e ntse e e-na, leholimo le ile la qala ho phahama ho fihlela le qetella le le moo le leng teng hona joale—holimo moo le sa fihleloeng. E bile tlokotsi e kaakang ho moloko oa batho! Ho tloha nakong eo, re ile ra lahleheloa ke tokelo ea ho thetsa leholimo ka matsoho a rōna.’
Ho thahasellisang ke hore, litlaleho tsa boholo-holo tse phetang taba ea moroallo o akaretsang lia fumaneha lefatšeng ho pota. Mekhoa eohle ea tsoelo-pele ea linaha tsa Amerika Leboea le Amerika Boroa hammoho le ea Batala ba Australia e na le lipale tsa oona. Boitsebiso bo ka ’na ba fapana, empa litlaleho tse ngata li jere khopolo ea hore lefatše le ne le koahetsoe ke metsi le hore ke batho ba fokolang feela ba ileng ba pholoha ka sekepe se neng se entsoe ke batho. Ho ata ho teng ha moqoqo ona ho phaella ho tšehetseng ’nete ea hore Moroallo oa lefatše lohle o ile oa e-ba teng, joalokaha o tlalehiloe ka Bibeleng.—Genese 7:11-20.