Phethahatso ea Boprofeta ba Bibele
LEBOTENG la Musiamo oa Ntoa ea Babusi London, Engelane, ho na le oache e ikhethang le sepanya-panya sa motlakase. Ha oache e ntse e potoloha, sepanya-panya se etsa molumo metsotsoana e meng le e meng e 3,31. Ka molumo o mong le o mong palo e itseng e ekelletsoa kakaretsong. Molumo o mong le o mong, palo e ’ngoe le e ’ngoe, li emela monna, mosali kapa ngoana ea shoeleng ka lebaka la ntoa lekholong lena la lilemo.
Sepanya-panya sena se ile sa qala ho tlaleha ka June 1989 ’me se lebeletsoe ho qeta ho bala ka khitla ea bosiu ba pele ho letsatsi le qalang selemo sa 2000. Ka nako eo sepanya-panya se tla be se tlaleha palo e etsang limilione tse lekholo—khakanyo ea palo ea mafu a amanang le ntoa ho pholletsa le lekholo lena la bo20 la lilemo.
Lilemong tse ka bang 2 000 tse fetileng, Jesu Kreste o ile a bolela esale pele ka nako e neng e tla tšoauoa ka ‘sechaba ho tsohela sechaba matla le ’muso ho tsohela ’muso matla.’ Ka ho loketseng, ke khale Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa bolela hore lintoa tse senyang tsa lekholo lena la lilemo, hammoho le litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa, khaello ea lijo le liketsahalo tse ling tse ngata, ka kakaretso li fana ka bopaki ba hore re phela “matsatsing a ho qetela”—karolong ea nako e latelang ho behoa ha Kreste setulong e le Morena leholimong selemong sa 1914.—Luka 21:10, 11; 2 Timothea 3:1.
O sebelisa Bibele e le mohloli oa oona ho tšehetsa taba, Molula-Qhooa o tsebahatsa litaba tse molemo tsa hore haufinyane ’Muso oa Molimo o tla timetsa bahatelli ’me o fetole lefatše lena paradeise. ’Me ho tla etsahala’ng ka ntoa nakong e tlang? Bibele ea bolela: “Tloong, le bohe liketso tsa Jehova, kamoo a sentseng lefatše kateng. O felisitse lintoa le ho isa pheletsong ea lefatše, o robile liqha, a robakanya marumo, a chesa makoloi a ntoa mollong.”—Pesaleme ea 46:8, 9.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
Clock: By Courtesy of the Imperial War Museum