Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w96 11/1 leq. 32
  • “Kaofela re Litho Tsa Lelapa le le Leng”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Kaofela re Litho Tsa Lelapa le le Leng”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
w96 11/1 leq. 32

“Kaofela re Litho Tsa Lelapa le le Leng”

LILEMONG tsa morao tjena leeme la bolumeli le khethollo ea morabe li atile ho pota lefatše. Ho se tšoane ha merabe ho hlahisitse lipolao, litlhokofatso le lihlōhō tse ling tse hlabisang lihlong. Ho latela tlaleho ea Amnesty International, ho hatakeloa ha litokelo tsa botho ho ile ha tlama batho ba fetang limilione tse 23 lefatšeng ka bophara ho baleha ha habo bona ka 1994.

Rwanda feela, batho ba ka bang 500 000 ba ile ba bolaoa ’me ba bang ba ka holimo ho 2 000 000 e ile ea e-ba baphaphathehi ka mor’a pefo e ileng ea qhoma pakeng tsa Matutsi le Mahutu. Koranta ea Belgium Le Soir ea tlaleha: “Lipaki tsa Jehova li ne li hlorisoa ka ho khethehileng, ka lebaka la ho hana ho nka libetsa.” Lipaki tsa Jehova ha li kopanele likhohlanong tsa batho ba hlometseng. Ho sa tsotellehe seo, tse makholo li ile tsa bolaoa pefong. Sena se re hopotsa mantsoe a Jesu ho barutuoa ba hae: “Kahobane ha le karolo ea lefatše, . . . lefatše lea le hloea.”—Johanne 15:19.

Lelapa le leng la Lipaki—Eugène Ntabana, mosali oa hae le bana ba babeli—ba ne ba lula motse-moholo, Kigali. Ha Eugène a ne a hlalosetsa baahelani ba hae boemo ba Bokreste ba ho se jele paate, o ne a atisa ho bua ka bougainvillea, sefate sa morara se hōlang se ea holimo se atlehang libakeng tse chesang.—Matheu 22:21.

Eugène o ne a ee a hlalose: “Mona Kigali, bougainvillea e hlahisa lithung-thung tse khubelu, tse pinki, ’me ka linako tse ling tse tšoeu. Empa, kaofela ha tsona ke litho tsa lelapa le le leng. Hoa tšoana le ka batho. Le hoja ho ka etsahala hore ebe ha re tšoane ka merabe, ’mala oa letlalo kapa semelo, kaofela re litho tsa lelapa le le leng, lelapa la moloko oa batho.”

Ho utloisa bohloko hore ebe ho sa tsotellehe tšoaneleho ea lelapa la ha Ntabana ea khotso le boemo ba lona ba ho se jele paate, le ile la bolaoa ke mahoo-hoo a nyoretsoeng mali. Leha ho le joalo, le ile la shoa le tšepahetse. Re ka tiiseha hore Jehova Molimo o tla phethahatsa tšepiso ea hae ho ba joalo, ’me ba tla tsoha bafung ho rua lefatše moo leeme le sa tl’o hlola le e-ba teng. (Liketso 24:15) Joale, lelapa la ha Ntabana, hammoho le ba bang, le tla ‘iketla khotsong e khōlō.’—Pesaleme ea 37:11.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela