Melemo ea Pelo e Nang le Khutso
SAENSE ea bongaka ea mehleng ena e tsebile esale khale hore khalefo e sa laoleheng e na le phello e kotsi ’meleng oa motho. Lilemong tse fetang lekholo tse fetileng, The Journal of the American Medical Association (JAMA) e ile ea re: “Monna o oa a bolaoa ke bohale bo tukang malakabe, ’me ho boleloa hore mohlomong o ne a e-na le pelo e fokolang, e neng e ke ke ea mamella khatello e neng e hlahisitsoe ke boemo ba hae ba kelello. Ho bonahala ho se ea nahanang hore sena ke qetello ea letoto le lelelele la khalefo e tlōtseng leo e leng lona le fokolisitseng pelo.”
Mantsoe a ka holimo ha a makatse ho liithuti tsa Lentsoe la Molimo, Bibele. Makholo a 29 a lilemo pele JAMA e bua ka likotsi tsa ho ba sefela-peloana, Morena Solomone o ile a bululeloa ho ngola: “Pelo e nang le khutso e phelisa ’mele.” (Liproverbia 14:30, NW) Mantsoe ana e ntse e le ’nete le kajeno.
Ka ho boloka boikutlo bo nang le khutso, re sireletseha mafung a mangata ao hangata a amanang le khatello ea kelello, joaloka khatello e phahameng ea mali methapong, ho opa ha hlooho le mathata a amanang le ho hema. Leha ho le joalo, ho phaella bophelong bo ntlafetseng ba ’mele, likamano tsa rōna le ba bang li tla re ruisa molemo haeba re loanela ho ‘kokobetsa bohale le ho tela khalefo.’ (Pesaleme ea 37:8) Ka ho utloahalang, batho ba ne ba atamela ho Jesu ka lebaka la ho se fele pelo ha hae le kameho e tebileng ka bona. (Mareka 6:31-34) Ka ho tšoanang, re tla ba mohloli oa khatholoho ho ba bang haeba re hlaolela pelo e nang le khutso.—Matheu 11:28-30.