Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 2/1 leq. 32
  • Tlhōlo e ’Ngoe Hape ea Lipaki Tsa Jehova Greece

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tlhōlo e ’Ngoe Hape ea Lipaki Tsa Jehova Greece
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 2/1 leq. 32

Tlhōlo e ’Ngoe Hape ea Lipaki Tsa Jehova Greece

KA LA 6 October, 1995, nyeoe ea molao e amang basebeletsi ba babeli ba nako e tletseng ba Lipaki tsa Jehova e ile ea sebetsoa ke litho tse tharo tsa Lekhotla la Bo-’maseterata le Athene. Qoso e ne e le ea ho sokolla, ’me qoso eo e ne e entsoe ke ofisiri ea mapolesa ka mor’a hore Lipaki li etele ha eona.

Lipotso tse ileng tsa botsoa ke moahloli ea okamelang li ile tsa bontša hore o ne a thahasella mosebetsi oa Lipaki tsa Jehova haholo. Ka mohlala, o ile a botsa: “E se e le nako e kae le etsa mosebetsi oo? Batho ba ’nile ba le tšoara joang ho pholletsa le lilemo? Karabelo e bile ea mofuta ofe mosebetsing oa lōna? Le re’ng ho batho menyakong ea bona?” Bohle ba neng ba le teng ka lekhotleng ba ile ba mamela ka hloko bopaki bo botle bo ileng ba fanoa.

Ho ileng ha makatsa Lipaki ka ho fetisisa, esita le mochochisi o ile a li buella. Mantsoeng a hae a koalang o ile a hlokomelisa: “Ho ea ka molao-motheo, Lipaki tsa Jehova li na le tokelo eseng feela ea ho lumela ho Molimo oa tsona le ho mo rapela, empa hape le ea ho phatlalatsa tumelo ea tsona menyakong, mapatlelong a motse le literateng esita le ho aba lingoliloeng tsa tsona ntle ho tefo haeba li batla ho etsa joalo.” Mochochisi o ile a qotsa liqeto tse sa tšoaneng tsa ho lokolloa molatong tse ileng tsa etsoa ke makhotla le ke Lekhotla la Naha. O ile a boela a bua ka nyeoe ea Kokkinakis v. Greece, e ileng ea etsetsoa qeto e emelang Lipaki tsa Jehova ke European Court of Human Rights.a Mochochisi o ile a lemosa: “Ka kōpo hlokomelang hore Greece e bile ea lefisoa nyeoeng ena. Ka hona, re lokela ho ba hlokolosi haholo ha re biletsoa ho ahlola linyeoe tse tjena. Tabeng ea pele, linyeoe tsena ha lia lokela ho tlisoa lekhotleng le ka mohla.”

Ka mor’a puo ea mochochisi, ho ne ho se ho se na ho hongata hoo ’muelli oa molao oa Lipaki a ka ho buang. Leha ho le joalo, o ile a nka monyetla oo ho hatisa hore molao oa ho sokolla o khahlanong le molao-motheo le hore o ’nile oa tlotlolla Greece ha e lekanngoa le machaba.

Moahloli ea okamelang o ile a qekotsa habonolo feela baahloli ba bang ba babeli, ’me mora le morali’abo rōna ba ile ba fumanoa ba se na molato. Nyeoe eo e ileng ea nka hora le metsotso e leshome e bile tlhōlo bakeng sa lebitso la Jehova le batho ba hae.

Ena ke nyeoe ea bone ea ho lokolla baqosuoa molatong, e amang liqoso tsa ho sokolla ka mor’a nyeoe ea Kokkinakis e ileng ea sebetsoa ke European Court of Human Rights. Lipaki tsa Jehova Greece li thabela hore mathata a mabapi le ho bolela ha tsona hona joale ha a eo le hore li khona ho tsoela pele ka mosebetsi ntle ho tšitiso.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Bona Molula-Qhooa oa September 1, 1993, leqepheng la 27-31.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela