Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 3/1 leq. 32
  • Ke Mang ea Tšoereng Marapo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ke Mang ea Tšoereng Marapo?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 3/1 leq. 32

Ke Mang ea Tšoereng Marapo?

“KE MANG ea busang lefatše?” Haeba e mong a ne a ka u botsa potso eo, u ne u tla e araba joang? Batho ba bangata ba bolumeli ba ka ’na ba re ke “Molimo” kapa “Jesu.” Sehlooho se seng se neng se hlahile ka har’a The Freeport News, e leng koranta ea Bahamas, se ile sa fana ka karabo eo e leng ba seng bakae ba neng ba ka e lebella.

Mongoli oa sehlooho sena o qalisa taba tjena: “Ke ile ka fumana pampitšana monyako oa ka. Ka tloaelo ke ee ke hlokomolohe boitsebiso bo joalo, empa lekhetlong lena ke ile ka etsa qeto ea ho bo bala. Sehlooho sa litaba se ne se botsa potso ena, ‘Hantle-ntle ke Mang ea Busang Lefatše?’” Ka ho bala pampitšana ena e thehiloeng Bibeleng, mosali enoa o ile a ithuta hore ’musi oa lefatše lena hase Molimo kapa Jesu empa ke Satane Diabolose.—Johanne 12:31; 14:30; 16:11; 1 Johanne 5:19.

Pampitšana ena ea hlalosa: “Nahana ka sehlōhō se feteletseng se etsoang ka bokhopo bo tšabehang. Batho ba ’nile ba sebelisa likamore tsa khase, likampo tsa mahloriso, libetsa tse hlatsang mokelikeli o chesang, libomo tsa napalm le mekhoa e meng e tšabehang ea ho hlokofatsa le ho bolaeana ka ho hlokang mohau. . . . Ke matla afe a susumetsang batho hore ba etse liketso tse mpe joalo kapa a ba laolang hore ba be boemong boo ba ikutloang hore ba tlameha ho etsa liketso tse sehlōhō? Na u kile ua ipotsa hore na ebe ho na le matla a mang a khopo, a sa bonahaleng a susumelletsang batho hore ba etse liketso tse joalo tsa pefo?” Na hoa makatsa hore ebe Bibele e bitsa Satane “molimo oa tsamaiso ena ea lintho”?—2 Bakorinthe 4:4.

Hoa thabisa hore ebe nako e atametse ea ha Satane le bademona ba hae ba tla be ba le sieo. “Lefatše lea feta ’me ho joalo le ka takatso ea lona, empa ea etsang thato ea Molimo o hlola ka ho sa feleng.” (1 Johanne 2:17) E, Bibele e tšepisa hore ba etsang thato ea Molimo ba tla ba le tšepo ea ho phela ka ho sa feleng lefatšeng le lecha la ho loka. (Pesaleme ea 37:9-11; 2 Petrose 3:13; Tšenolo 21:3, 4) E tla ba tokoloho e kaakang ha tšusumetso e mpe ea Satane le bademona ba hae e se e tlositsoe!

Ka mor’a ho akaretsa litaba tse fuperoeng ke pampitšana ena, mongoli oa sehlooho sa The Freeport News o ile a phetha: “Ka sebele ke thabetse hore ebe ke ile ka bala pampitšana eo . . . hobane le ’na ke ’nile ka ameha ka boemo ba lefatše, le hore na ke mang ea tšoereng marapo.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela