Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 3/15 leq. 24
  • Ho Thibela Liqoso Tsa Bohata Fora

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thibela Liqoso Tsa Bohata Fora
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 3/15 leq. 24

Ho Thibela Liqoso Tsa Bohata Fora

MORAO tjena, Lipaki tsa Jehova tsa Fora li ile tsa hlaseloa ka letoto la liqoso tsa bohata. E nka menyetla ka liketsahalo tse sa thabiseng tse amang lihlotšoana tsa bolumeli Europe le Japane, mecha ea litaba e ile ea hasa boitsebiso bo sothiloeng ka Lipaki. Ka phoso, li ile tsa hlalosoa e le se seng sa lihlotšoana tsa bolumeli tse khōlōhali le tse kotsi ka ho fetisisa.

Boitekong ba ho lokisa litaba, Lipaki tsa Jehova li ile tsa hatisa pampitšana e arabang lipotso tse kang tsena: Lipaki tsa Jehova ke bo-mang? Na ke Bakreste? Na li amohela tlhokomelo ea meriana? Ke hobane’ng ha li e-ea ka ntlo le ntlo? Mosebetsi oa tsona o tšehetsoa joang ka lichelete? Lipaki tsa Jehova li tsoela sechaba molemo ofe?

Pampitšana ena e hlahang motho leseling ka puo ea Sefora e ne e e-na le sehlooho se reng Jehovah’s Witnesses—What You Need to Know. Ho ile ha hlophisoa phutuho e le hore pampitšana eo e ka fuoa batho ba bangata ka hohle kamoo ho ka khonehang. Ho tloha ka la 13 May ho ea ho la 9 June, 1996, ho ile ha ajoa likopi tse ka holimo ho limilione tse robong.

Pampitšana ena e ile ea khahla ba bangata, ho kopanyelletsa le bahlanka ba sechaba. Setho se seng sa lekhotla la sebaka sa moo se ile sa ngola tjena ka mor’a ho bala pampitšana eo: “Ho nyatsuoa ha Lipaki tsa Jehova ho ntlatsa bohale. Nako le nako ke ananela mokhoa oo le sebetsang ka oona o molemo le o se nang boithati.” Setho sa Paramente ea Europe se ile sa arabela ka ho ngola tjena mabapi le pampitšana eo: “Boholo ba batho bo tseba hantle ho khetholla lipakeng tsa sehlopha sa Bokreste seo le leng karolo ea sona le lihlotšoana tsa bokhelohi.”

Brittany, Paki e ile ea neha moprista e mong pampitšana, eo a ileng a e amohela ntle ho tikatiko. Moprista eo o ile a re: “Kea le babatsa ka seo le se etsang.” Joale a phaella: “Ke khothalletsa batho ba kereke ea ka hore ba le amohele mahaeng a bona ba be ba le phomosetse ka kopi ea kofi. Le ka bolella le bao le tla kopana le bona hore le ne le le ha ka. Hape, ke rata ho le bolella hore ke thabela ho bala lingoliloeng tsa lōna.”

Ka mor’a ho fumana pampitšana, monna e mong oa Moprostanta oa Alsace o ile a ngolla Mokhatlo oa Watch Tower a kōpa thuto ea Bibele. O ngotse: “Kaha ke lahlehetsoe ke tšepo eohle kerekeng ea ka, ke lebeletse ka thabo ho qalisa bocha moeeng.” Ho sa tsotellehe liqoso tsa bohata tseo ka linako tse ling li lebisoang ho tsona, Lipaki tsa Jehova tse Fora—ha e le hantle, likarolong tsohle tsa lefatše—li tsoela pele ho thusa batho ho fumana tsebo e nepahetseng ea merero ea Molimo, joalokaha e boletsoe ka Bibeleng.—2 Timothea 3:16, 17.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela