Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 3/15 leq. 32
  • Ba Limilione Baa ea na Ua ea?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba Limilione Baa ea na Ua ea?
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 3/15 leq. 32

Ba Limilione Baa ea na Ua ea?

Ba ea kae? Moketeng oa selemo le selemo oa lefu la Jesu Kreste. Ka 1996, palo ea bohle ba bileng teng lefatšeng ka bophara e bile 12 921 933.

Ke hobane’ng ha batho ba e-ea? Ka lebaka la seo lefu la Jesu le se bolelang ho moloko oa batho. Le bolela tokoloho ho kuleng, mahlomoleng le lefung. Esita le baratuoa ba rōna ba shoeleng ba tla tsosetsoa bophelong Paradeiseng e tsosolositsoeng lefatšeng.

Ke joang lefu la Jesu Kreste le ka tlisang litlhohonolofatso tse joalo? U memeloa ho tla iphumanela. Lipaki tsa Jehova li u amohela ka mofuthu hore u kopanele le tsona nakong ea ketsahalo ena ea bohlokoa.

E-ba teng Holong ea ’Muso e haufi le moo u lulang. Selemong sena, letsatsi ke Sontaha, la 23 March, ka mor’a hore letsatsi le likele. Kopana le Lipaki tsa Jehova tse sebakeng sa heno bakeng sa nako e nepahetseng.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela