Botšepehi—Bo Itlela Feela Kapa Boa Ikhetheloa?
“LE HOJA ka tlhaho ke sa tšepahale, ka linako tse ling ho itlela feela hore ke tšepahale.” Ho bolela joalo Autolycus oa molotsana bukeng ea The Winter’s Tale e ngotsoeng ke William Shakespeare. Sena se hlakisa bofokoli ba motho ba motheo—ho sekamela ha rōna bobeng, e leng ho bakoang ke ‘pelo e mano.’ (Jeremia 17:9; Pesaleme ea 51:5; Baroma 5:12) Empa na see se bolela hore ha re na khetho tabeng ee? Na boitšoaro bo botle e mpa feela e le ntho e itlelang feela? Le hanyenyane!
Pele bana ba Iseraele ba kena Naheng e Tšepisitsoeng, Moshe o ile a bua le bona ha ba ne ba hlomme liahelo lithoteng tsa Moabe. O ile a beha ka pel’a bona khetho ea lintho tse peli tse hlakileng. Ba ne ba ka mamela melao ea Molimo ’me ba fumana litlhohonolofatso tsa hae kapa ba hana ho e mamela ’me ba kotula litholoana tse babang tsa sebe. (Deuteronoma 30:15-20) Ke bona ba neng ba tla etsa khetho.
Kaha re na le boikhethelo, le rōna re talimane le ho etsa khetho. Ha ho le ea mong—ho akarelletsa le Molimo—ea re qobellang ho etsa botle kapa bobe. Leha ho le joalo, ka nepo ba bang ba ka ’na ba botsa, ‘Haeba lipelo tsa rōna li sekametse bobeng, ke joang re ka etsang se setle?’ Ha e le hantle, ngaka ea meno e hlahlobisisa meno e le hore e ka hlokomela ho senyeha kapa ho bola pele ho ka nama. Ka ho tšoanang, re lokela ho hlahloba lipelo tsa rōna tsa tšoantšetso bakeng sa ho fumana bofokoli le ho senyeha ha boitšoaro. Hobane’ng? Hobane Jesu o itse: “Pelong ho tsoa menahano e khopo, lipolao tse khahlanong le molao, bofebe, bohlola, bosholu, bopaki ba bohata, linyefolo.”—Matheu 15:18-20.
Bakeng sa ho sireletsa leino, ngaka ea meno e lokela ho tlosa ka ho feletseng ho senyeha leha e le hofe hoo e ho fumanang. Ka ho tšoanang, ho hlokahala khato e tiileng bakeng sa ho tlosa “menahano e khopo” le litakatso tse fosahetseng tse tsoang pelong. Ka ho bala le ka ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo, Bibele, hase feela hore re tseba litsela tsa ’Mōpi empa re boetse re ithuta ho etsa se nepahetseng.—Esaia 48:17.
Morena Davida oa Iseraele o ile a amohela thuso e hlokahalang e eketsehileng ntoeng ea hae ea ho etsa se nepahetseng. O ile a rapela: “Oho, Molimo, ak’u bōpe ka ho ’na, u bōpe pelo e hloekileng, u kenye moea o mocha, o tiileng, u o kenye ka sefubeng sa ka.” (Pesaleme ea 51:12, BPN) E, ka ho itšetleha ka Jehova Molimo ka thapelo, le rōna re ka hlōla tšekamelo ea rōna ea ho etsa bobe ’me ra hlaolela “moea o mocha” oa ho etsa botle. Ka tsela ena, re ke ke ra tlohella botšepehi hore bo itlele feela. E tla ba ntho e ikhetheloang.
[Setšoantšo se leqepheng la 21]
Joaloka tabeng ea Davida, ho rapela Jehova ho ka re thusa ho etsa se molemo