Libuka, Libuka, Libuka!
Morena Solomone ea bohlale oa boholo-holo o ngotse, “Ho ngoloa ha libuka ha ho fele.” (Moeklesia 12:12, BPN) Ka 1995, Brithani ho hatisitsoe hoo e ka bang buka e le ’ngoe e ncha bakeng sa baahi ba bang le ba bang ba 580, ho entseng hore naha eo e be e eteletseng lefatše pele ho hatiseng libuka tse ncha. Naha e nang le baahi ba bangata ka ho fetisisa ea Chaena e bile ea bobeli ka libuka tse 92 972 ha li bapisoa le tsa Brithani tse 95 015. Jeremane e ile ea latela (libuka tse 67 206), ’me joale ha latela United States (49 276), hamorao ha tla Fora (41 234). Koranta ea London ea The Daily Telegraph ea hlokomela: “Lebaka le leholo le etsang hore Brithani e etelle pele lefatšeng ke ka lebaka la puo ea Senyesemane.”
Litlaleho li bontša hore ’maraka oa ho rekisa libuka o ’nile oa theoha ka lilemo tse ’maloa, ’me hona joale ke karolo ea 80 lekholong feela ea batho ba baholo Brithani e rekang buka e le ’ngoe kapa ho feta ka selemo. Empa, na batho ba bala libuka tsohle tseo ba li rekang?
Buka e le ’ngoe e ntseng e tsoela pele ho ajoa ka ho pharaletseng le ho baloa ke Bibele, eo hona joale e fumanehang e sa fella kapa e feletse ka lipuo tse fetang 2120. Haeba ha u na kopi ea eona hona joale, ikopanye le ofisi ea Mokhatlo oa Watch Tower e haufi le uena bakeng sa ho e fumana. Haeba u e-na le Bibele, e ntše ’me u hlahlobe Mangolo a bontšitsoeng lihloohong tsa makasine ena. Ha u etsa joalo, u tla fumana tsebo ea Bibele e fanang ka bophelo.