Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 12/1 leq. 32
  • Melao e Leshome

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Melao e Leshome
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 12/1 leq. 32

Melao e Leshome

MOBISHOPO oa Gloucester, Engelane, o ile a sibolla hore baruti ba fetang halofo ba tlas’a botsamaisi ba hae ba ne ba sitoa ho pheta Melao e Leshome ka hlooho, ’me karolo ea 10 lekholong ea bona e ne e sa tsebe hore na e ka e fumana hokae ka Bibeleng. Empa, e ne e le lilemong tse 450 tse fetileng. Na ho tloha ka nako eo boemo bo ntlafetse? Le hanyenyane—joalokaha ho sibolotse patlisiso ea tšohanyetso ea Sunday Times ea morao tjena ho baruti ba Chache.

Ho baruti ba 200 bao ho buisanoeng le bona ka lipotso, ke karolo ea 34 lekholong feela e neng e khona ho bolela Melao eohle e Leshome. Har’a bona, e mong o ne a nahana hore e tletse lithibelo haholo, ’me e mong o ne a e beheletse ka thōko e le e sa sebetseng liphetohong tsa kajeno tsa boitšoaro.

Na u tseba Melao e Leshome kapa hore na e fumaneha hokae? E tlalehiloe ho Exoda, buka ea bobeli ea Bibele, litemaneng tse 17 tse qalang tsa khaolo ea 20. Ke hobane’ng ha u sa e bale? Tsela e bonolo ea ho e hlopha ke ena. E mene e qalang e amana le borapeli ba rōna ho Molimo, oa bohlano o hatisa bophelo ba lelapa, oa botšelela ho ea ho oa borobong e ama kamano ea rōna le batho ba bang, ’me oa leshome o ikhethile, o re susumelletsa hore re itlhahlobe lipelo, re itekole. Kakaretso e khutšoanyane ea kamoo Bakreste ba ka sebelisang melao-motheo ena ke ena.

Oa Pele: Rapela ’Mōpi oa rōna a ’notši. Oa Bobeli: U se ke ua sebelisa litšoantšo borapeling. Oa Boraro: Hlompha lebitso la Molimo le ho le nka le phahame kamehla. Oa Bone: Iphe nako ea ho lebisa tlhokomelo linthong tsa moea ntle ho tšitiso. Oa Bohlano: Bana, hlomphang batsoali ba lōna. Oa Botšelela: U se ke ua bolaea. Oa Bosupa: Qoba bofebe. Oa Borobeli: U se ke ua utsoa. Oa Borobong: Bua ’nete. Oa Leshome: Phema ho chachehela tsa ba bang.

Melao e Leshome e ne e le karolo ea melao e neng e fuoe Moshe. Empa melao-motheo eo e e fupereng ha e felloe ke nako. (Baroma 6:14; Bakolose 2:13, 14) Ka lebaka lena, balateli ba Jesu ba ile ba qotsa Melao e Leshome le ho bua ka eona. (Baroma 13:8-10) Bophelo kajeno bo ka be bo thabisa hakaakang—bo bile bo sireletsehile haholoanyane—haeba kaofela re ne re hlompha melao ena e bululetsoeng ke Molimo ’me re phela ka eona!

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela