Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 1/1 leq. 32
  • Karabo e Phephetsang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Karabo e Phephetsang
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 1/1 leq. 32

Karabo e Phephetsang

KORANTA ea Roma e K’hatholike ea Brithani, Catholic Herald, haufinyane tjena e ile ea hatisa lengolo le latelang le tsoang ho ’mali e mong oa Wales: “Lipaki tsa Jehova tse peli li ile tsa tla monyakong oa ka bosiung bo bong. Ke ile ka khona ho li bolella hore ke Kereke e K’hatholike e ileng ea fana ka tiiso ea hore Testamente e Ncha eo li neng li e qotsa e ne e nepahetse. Ke ile ka makala ha e ’ngoe e lumela. E ile ea re: ‘E, le fane ka tiiso empa ha le e latele. Jesu o itse: “Le ratane feela joalokaha ke le ratile,” empa lea bolaeana. Ntoeng e fetileng, Mak’hatholike a bolaile Mak’hatholike, empa ha ho Paki ea Jehova e ileng ea bolaea Paki [’moho le eona].’ Ke ne nka etsa’ng haese ho lumela? Ke joang re ka rapellang ho ba le bonngoe le ‘balumeli ba bang basele’ ha ka hare ho rōna ho hlile ho se na bonngoe? Na ha rea lokela ho qala ka ho lokisa mahlabisa-lihlong aa pele?”—Johanne 15:12.

Lintoa tse peli tsa lefatše tsa lekholong lena la bo20 la lilemo li qalile Bokreste-’mōtoaneng ’me tsa felisa bophelo ba ba limilione tse 50 ho isa ho tse 60. Leha ho le joalo, ho ka boleloa ka botšepehi hore Lipaki tsa Jehova ha lia ka tsa nka karolo lintoeng tseo, leha e le hore li itšuntse ho e ’ngoe ea lintoa tse kupang morao tjena. See se khoneha joang? Ho molemong oa hao hore u fumane ho eketsehileng ka tlamo e momahaneng ea lerato le bonngoe tsa Bokreste tseo Lipaki tsa Jehova tse fetang limilione tse hlano li nang le tsona lefatšeng ka bophara.—Bapisa le Esaia 2:4.

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

U.S. National Archives photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela