Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 1/15 leq. 32
  • A Rorisa ’Mōpi oa ’Ona a Khutsitse

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • A Rorisa ’Mōpi oa ’Ona a Khutsitse
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 1/15 leq. 32

A Rorisa ’Mōpi oa ’Ona a Khutsitse

HO LIKELA ha letsatsi hoa hlolla ka tlhaho. Empa ponahalo ea letsatsi le theohelang ka mor’a thaba ena e khethehileng e Lithabeng tse Matsutla-tsutla tsa Apuan tsa Tuscany, Italy, ka sebele ea ikhetha.

Ha letsatsi le shebeloa hōjana, ho bonahala eka le oela holim’a thaba ho e-na le ho theohela ka mor’a eona. Hobane’ng? Hobane tlhōrō ea thaba ena e na le lesoba la tlhaho leo ho bonahalang eka le ile la phunngoa thabeng ena. Ka sebele, tlhōrō ena e ikhapetse lebitso la eona la Monte Forato—Thaba e Phuntsoeng. Ka lebaka la ho potoloha ha lefatše letsatsi, ke habeli feela ka selemo ba shebang ka nģ’ane ho lesoba lena ba ka bonang ha ho bonahala eka letsatsi le oela Monte Forato.

Joaloka likarolo tse ling tsa pōpo, maholimo a sa pheleng a rorisa ’Mōpi oa ’ona. Joang? Ka tsela e tšoanang le eo setšoantšo se setle se ka tlisetsang moetsi oa sona thoriso. Ha e le hantle, lihloliloeng tsa leholimo li bua ka matla a Jehova, bohlale le boholo. Joalokaha mopesaleme a ile a bolela, “maholimo a bolela khanya ea Molimo, ’me sebaka sa leholimo se bonahatsa mosebetsi oa liatla tsa oona.” (Pesaleme ea 19:1; 69:34) Kaha letsatsi le lihloliloeng tse ling tse sa pheleng li rorisa ’Mōpi oa tsona, re lokela ho etsa seo haholoanyane hakaakang!—Pesaleme ea 148:1, 3, 12, 13.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela