“Ke Phetolelo e Ngotsoeng ka Lipuo Tse sa Tšoaneng e Molemohali e Fumanehang ea Testamente e Ncha”
KE KAMOO Dr. Jason BeDuhn a hlalosang phetolelo e ngotsoeng ka lipuo tse sa tšoaneng e bitsoang The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures kateng. Oa hlalosa:
“Ke sa tsoa qeta ho ruta thupelong ea Lefapha la Lithuto Tsa Bolumeli la Univesithi ea Indiana, Bloomington, [U.S.A.] . . . Ka ho khetheha, thupelo ena ke ea Kosepele. Le kentse letsoho [thupelong eo] ka likopi tsa lōna tsa The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures, tseo liithuti tsa ka li neng li li sebelisa sehlopheng e le tse ling tsa libuka tsa sekolo. Meqolo ena e menyenyane e ne e le bohlokoa haholo thupelong eo ’me liithuti tsa ka li ne li e rata haholo.”
Ke hobane’ng ha Dr. BeDuhn a sebelisa phetolelo ea Kingdom Interlinear thupelong ea hae kolecheng? Oa arabela: “Ka bokhutšoanyane, ke phetolelo e ngotsoeng ka lipuo tse sa tšoaneng e molemohali e fumanehang ea Testamente e Ncha. Ke setsebi se rupetsoeng sa Bibele, ke tloaelane le libuka le lisebelisoa tse ling tse sebelisoang lithutong tsa kajeno tsa Bibele, empa ha ke e mong oa Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, ke tseba sengoliloeng sa boleng bo phahameng ha ke se bona, ’me ‘Komiti [ea lōna] ea Phetolelo ea Bibele ea Lefatše le Lecha’ e entse mosebetsi o tsoileng matsoho. Phetolelo ea lōna ea Senyesemane e nepahetse ’me e lumellana ka ho feletseng hoo e susumetsang ’mali hore a nke ka botebo phapang e teng lipakeng tsa puo, mekhoa le mehopolo tsa batho ba buang Segerike le ba buang lipuo tsa rōna. ‘Phetolelo [ea lōna] ea Lefatše le Lecha’ ke ea boleng bo phahameng, ke phetolelo ea lentsoe ka lentsoe e qobang lineano tse hlahlathelang empa ka botšepehi e khomaretse Segerike. E phahametse ka litsela tse ngata liphetolelo tse atlehileng ka ho fetisisa tse sebelisoang kajeno.”
The Kingdom Interlinear Translation of the Greek Scriptures e hatisoa ke Lipaki tsa Jehova bakeng sa ho thusa barati ba Lentsoe la Molimo hore ba tloaelane le taba e ngotsoeng ea Bibele ea pele ea Segerike. Ka lehlakoreng le letšehali la eona, e ngotse The New Testament in the Original Greek [Testamente e Ncha ka Segerike sa Pele], (e bokeletsoeng ke B. F. Westcott le F. J. A. Hort). Phetolelo ea lentsoe ka lentsoe ea Senyesemane e ngotsoe ka tlas’a mela ea Segerike. Karolong e mopatisane e ka ho le letona, ke New World Translation of the Holy Scriptures, e u nolofalletsang ho bapisa phetolelo e ngotsoeng ka lipuo tse sa tšoaneng le phetolelo ea kajeno ea Senyesemane ea Bibele.