Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 3/1 leq. 32
  • Ho Thoholetsoa Kopano “E sa Tloaelehang”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Thoholetsoa Kopano “E sa Tloaelehang”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 3/1 leq. 32

Ho Thoholetsoa Kopano “E sa Tloaelehang”

SEBOHOLI sa seea-le-moea sa Lima, Peru, se ne se e-na le lipelaelo tse matla ka Lipaki tsa Jehova. Leha ho le joalo, boikutlo boo ba sona bo ile ba fetoha ka potlako ka mor’a hore se be teng kopanong e ’ngoe ea tsona ea setereke. Ha e le hantle, se ne se hloletsoe hoo se ileng sa etsa litlhaloso tse thabisang ho bamameli ba sona ba seea-le-moea. Mantsoe a latelang a qotsitsoe ho seo se ileng sa se bua:

“Ka sebele, kopano eo e ne e le e ikhethang. Ho ne ho se sekhechana sa pampiri fatše, leha e le morekisi haufinyane. Ha hoa ka ha e-ba le tšubuhlellano ea sephethephethe. Batho ba likete tse hlano le makholo a mabeli ba ile ba ea lebaleng la lipapali ka litšenyehelo tsa bona, e mong le e mong a nkile emere, lelapi, ntho ea ho phumola lerōle, lekapa la ho olla lithōle, lefielo, borashe, litlelafo le sesepa bakeng sa ho hlatsoa le ho khoakhoatholla sebaka seo. Moo ho neng ho hlokahala pente, ba ile ba ipentela. ’Me chelete e ne e tsoa hokae? Ba itlela le eona! Ha ba bolelloa hore ho na le ntho e itseng e hlokang ho etsoa, kaofela ba potlakela ho iphopholetsa lipokotho e le hore ba fane. Ka sebele, Kereke e K’hatholike ha e thahaselle litaba tsa mofuta ona. Ke rata ho babatsa Lipaki tsa Jehova hammoho le bahokahanyi ba ketsahalo ena. ’Me ho tsoa botebong ba pelo, ke lakatsa ho re ho tsona, E se eka Molimo a ka le thusa le ho le hlohonolofatsa.”

Selemong sena, Lipaki tsa Jehova li tla thabela Kopano ea Setereke ea “Tsela ea Molimo ea Bophelo” e tla tšoareloa metseng e meholo lefatšeng ho pota. Na u tla ba teng?

[Setšoantšo se leqepheng la 32]

“Ho ne ho se sekhechana sa pampiri fatše”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela