Ke Hobane’ng ha U sa be Hammoho le Tsona?
NDJAUKUA ULIMBA o na le lilemo tse 73 ’me selemong se fetileng o ile a nka leeto la lik’hilomithara tse 450. O ile a tsamaea tsela eo eohle ka maoto, ’me ho ile ha mo nka matsatsi a 16.
Monna-moholo enoa o ile a tsamaea leeto leo le lelelele e le hore a be teng ho e ’ngoe ea likopano tsa selemo le selemo tsa Lipaki tsa Jehova. Ka mor’a kopano, a thabile ’me a ahiloe moeeng, o ile a boela hae ka maoto—matsatsi a mang hape a 16. Na boiteko bo bokaalo bo ne bo tšoaneleha? E, ka sebele! Ndjaukua Ulimba o ’nile a tsamaea leeto lena selemo se seng le se seng ka lilemo tse ngatanyana.
Monna enoa oa Moafrika e ne e le e mong oa ba ka holimo ho limilione tse 15 ba ileng ba e-ba teng likopanong tsa Lipaki tsa Jehova selemong se fetileng, ba tsoa linaheng tse fetang 230. Ho hlakile hore bongata ba bona ha baa ka ba lokela ho tsamaea matsatsi-tsatsi hore ba fihle sebakeng sa kopano. Boholo ba bona ba ile ba fihla ka koloi, bese, terene kapa sefofane. Na u ne u le e mong oa bona?
Ka 1998, likopano li tla boela li tšoaroa lefatšeng lohle, haholo-holo likhoeling tsa lehlabula (kapa nakong ea ha pula e sa ne). Haeba bophelo bo tla mo lumella, mohlomong Ndjaukua Ulimba o tla tsamaea leeto leo le lelelele hape hore a tle a be teng. Eena hammoho le ba bang ba limilione ba tla utloa lenaneo le molemo, le hahang tumelo le le matlafatsang. Ho bohle ba tla ba teng, kopano eo e tla ba ntho ea bohlokoa selemong sena. Le uena u mengoa ka mofuthu hore u be teng. Lipaki tsa Jehova tse sebakeng seo u leng ho sona li tla thabela ho u bolella sebaka se haufinyane le uena seo kopano e tla tšoareloa ho sona.