“Mohlala oa Kutloano le Kameho ea Bara ba Motho”
Ke ka tsela eo mosali e mong a ileng a hlalosa liketso tsa Lipaki tsa Jehova kateng ka mor’a tahlehelo e bohloko ea setho sa lelapa. Oa hlalosa:
“Lebitsong la ka le la lelapa leso, ke rata ho leboha Lipaki tsa phutheho ea Setaliana ea Freiburg, Jeremane. Ka ntle ho khaitseli ea ka, Antonio le mosali oa hae, Anna, lelapa leso hase Lipaki tsa Jehova. Ka nako e telele re ’nile ra nyatsa khetho ea bona ea bolumeli, le hoja kamehla re ne re e hlompha.
“Leha ho le joalo, hona joale re lokela ho fetola menahano ea rōna. Ha e le hantle, re bone mohlala oa kameho le lerato la bara ba motho tseo ho seng mohla re kileng ra li lebella.
“Ka masoabi, Anna o ile a hlokahala ka tšohanyetso kotsing ea koloi. Kaha re lula Italy, re ile ra khona ho lula le khaitseli ea ka Antonio le bana ba hae ka nakoana feela. Leha ho le joalo, barab’abo ba Lipaki ba ile ba kenella. Ba ile ba mo thusa ka boteng ba bona, mantsoe a bona, tumelo ea bona, tšehetso ea bona ea lintho tse bonahalang, ea maikutlo le lichelete. Kaha nke ke ka khona ho leboha phutheho eo ka ho toba, ke lakatsa ho ba leboha ka ho sebelisa makasine ena ea lōna bakeng sa mohlala oa bona oa kutloano le kameho ea bara ba motho eo re ke keng ra e lebala.”
Mantsoe a mosali enoa a mosa aa ananeloa. Joalokaha a hlokometse, Lipaki tsa Jehova ke mokhatlo oa machaba oa bara ba motho. (1 Petrose 2:17) Li hlaolela ho ba le kamano e matla ea boikutlo bo mofuthu ka hare ho tsona, li ea tseba hore lerato “ke tlamo e phethahetseng ea kopano.” (Bakolose 3:14) Esita le maemong a tlokotsi ka ho fetisisa, a ka re hlahelang kaofela ha rōna, Lipaki tsa Jehova li khomarela ho Molimo le ho batho ba hae.—Liproverbia 18:24; Moeklesia 9:11; 1 Johanne 13:34, 35.