Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 8/1 leq. 18
  • Ho Lumellana le Tsela ea Jehova ka Boikokobetso

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Lumellana le Tsela ea Jehova ka Boikokobetso
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Batlang Jehova Pele ho Letsatsi la Bohale ba Hae
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Buka ea Bibele ea 36—Sofonia
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Batlang Jehova Pele ho Letsatsi la Bohale ba Hae
    Bukana ea Seboka sa Bophelo ba Bokreste le Tšebeletso ea Rona—2017
  • Batho ba Jehova ba Tsosolositsoeng ba mo Rorisa Lefatšeng Lohle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 8/1 leq. 18

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

Ho Lumellana le Tsela ea Jehova ka Boikokobetso

“BATLANG Jehova, baikokobetsi bohle ba lefatše.” Memo ena e ileng ea phatlalatsoa ke moprofeta oa Moheberu, Sofonia, lilemong tse fetileng tse ka holimo ho makholo a 26, e sa ntse e fetisetsoa ho batho bohle lefatšeng kajeno. (Sofonia 2:3) Ho batla Jehova ho bolela eng? Ho etsa sena ho qala ka ho ithuisa tsebo ea Molimo a le mong oa ’nete le ea phelang, Jehova.—Jeremia 10:10; Johanne 17:3.

Leha ho le joalo, ho ithuisa tsebo ka bohona ha ho etse hore motho e be ea amohelehang ka pel’a Molimo. E le hore motho a amohelehe ho Molimo, o boetse o lokela ho sebelisa tsebo ena. Joang? Ka hore ka boikokobetso, a etse hore monahano oa hae le boitšoaro li lumellane le litekanyetso tsa Molimo, joalokaha ho bontšoa ke phihlelo e latelang ea Suriname.—Baefese 4:22-24.

Eddy, mosuoe ea bohareng ba lilemo tse 30, o ne a labalabela ho fumana likarabo tse khotsofatsang lipotsong tse kang tsena: ‘Bolumeli bo phetha karolo efe sechabeng sa kajeno?’ le e reng ‘Na buka ea boholo-holo, Bibele, e lumellana le saense ea kajeno?’ Ha Lipaki tsa Jehova li mo etetse ’me li mo fa likarabo tse thehiloeng Bibeleng tsa lipotso tsena, Eddy o ile a mamela ka hloko. O ile a ba a ngola lintlha e le hore a tle a ikholise hore na litlhaloso tseo tsa Lipaki ke ’nete.

Nakong e fetileng, Eddy o ne a ile a kopanela bolumeling bo ileng ba mo ruta hore batho ke liphello tsa phetoho eo Molimo a ileng a e etsa ho litšoene. Kahoo, ha Lipaki li mo fa buka ea Life—How Did It Get Here? By Evolution or by Creation?, o ile a e amohela hang-hang. Tlhaloso e hlakileng ea buka eo mabapi le tlaleho ea Bibele ea pōpo e ile ea mo hlolla. Ha a ntse a ithuta Bibele, o ile a kholiseha hore o ne a fumane ’nete!

Empa joale o ne a talimane le teko. Eddy o ne a lula ntlong ea batho ba phelang ka bosholu le ho se tšepahale. Kahoo, o ile a tobana le khetho: hore na o tla latela mokhoa oa bophelo o senyehileng oa batho bao a lulang le bona kapa o tla furalla boitšoaro bo joalo e le hore a phele bophelo bo tlotlisang Molimo. Ka bohlale, Eddy o ile a khetha ho phela bophelo bo tlotlisang Molimo. O ile a khaotsa ho ba le metsoalle eohle e mebe ’me a tloha ntlong eo.—1 Bakorinthe 15:33, 34.

Ka mor’a hore a kopanele libokeng Holong ea ’Muso, Eddy o ile a hatela pele ka potlako. O ile a boela a ntlafatsa mokhoa oa hae oa ho apara le ho itlhopha ’me a qala ho bua le metsoalle ea hae le beng ka eena ka seo a neng a ithuta sona. Hamorao, thabo ea hae e ile ea eketseha ha a nkoa a tšoaneleha hore a ka kopanela ho boleleng ‘litaba tse molemo’ phatlalatsa. (Matheu 24:14; Liketso 20:20) Ka December 1996, letsatsi leo e leng khale a le letetse la hore a bontše ho inehela ha hae ho Jehova ka kolobetso ea metsing le ile la fihla.

Selemo se seng le se seng, batho ba lipelo li tšepahalang ba likete tse makholo ba arabela hantle memong ea ho ‘batla Jehova.’ Ka ho etsa joalo, ba fumana bonnete ba se boleloang ke Liproverbia 22:4, e reng: “Moputso oa boikokobetso le oa ho tšaba Jehova ke leruo, le khanya, le bophelo.” E, ka ho lumellana le tsela ea Jehova ka boikokobetso, barati ba ’nete ba thabela litlhohonolofatso tse joalo hona joale, ’me ka kholiseho ba lebeletse litlhoholonofatso tse sa feleng hona mona lefatšeng.—Pesaleme ea 37:29.

[Limmapa tse leqepheng la 18]

Caribbean Sea

SURINAME

GUYANA

FRENCH GUIANA

BRAZIL

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

Globe: Mountain High Maps® Copyright © 1997 Digital Wisdom, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela