Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w98 9/15 leq. 32
  • Ntoa e Ileng ea Senya Lekholo la bo19 la lilemo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ntoa e Ileng ea Senya Lekholo la bo19 la lilemo
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1998
w98 9/15 leq. 32

Ntoa e Ileng ea Senya Lekholo la bo19 la lilemo

HA A nahanisisa ka lilemo tse sekete tse latelang, Charley Reese, mongolli oa koranta ea The Orlando Sentinel, o ile a ngola: “Ntoa ea 1914-18 e ileng ea senya lekholo la bo19 la lilemo ha e e-s’o fele.” O ne a bolela’ng? O ile a hlalosa: “Histori ha e laoloe ke matsatsi ka tsela leha e le efe. Lekholo la bo19 la lilemo—le neng le hlalosoa e le la letoto la tumelo, likhopolo, maikutlo le boitšoaro—ha lea ka la fela ka la 1 Jan., 1901. Le ile la fela ka 1914. Ke nako eo ka eona hape lekholo la bo20 la lilemo, le ntseng le hlalosoa ka tsela e tšoanang, le ileng la qala. . . .

“Hoo e ka bang likhohlano tsohle tseo re ’nileng ra ameha ho tsona bophelong bohle ba rōna li hlahile ntoeng eo. Hoo e batlang e le liketsahalo tsohle tsa mekhoa ea bophelo le tsa mahlale tseo re ’nileng ra phela le tsona li simolohile ntoeng eo. . . .

“Ke nahana hore e bakile tšenyo e joalo hobane e ile ea felisa tumelo ea batho ea hore moloko oa batho o ka laola qetello ea oona. . . . Ntoa e ile ea thetsolla batho tumelong eo. Ha ho le ea mong ka mahlakoreng ka bobeli [a ntoa] ea neng a nahana hore ho tla felella ka tsela eo ho ileng ha e-ba ka eona. E ile ea senya ’muso oa Brithani le oa Fora. Ea bolaea banna ba bangata ka ho fetisisa molokong oohle oa Mabrithani, Mafora le Majeremane. . . . Ka nako e khutšoanyane, e ile ea bolaea batho ba limilione tse 11.”

Ka lilemo tse fetang tse 120, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa supa 1914 e le bofelo ba seo Jesu a ileng a se bitsa “linako tse behiloeng tsa lichaba.” (Luka 21:24) Ka selemo seo, Jesu Kreste ea tsositsoeng bafung le ea tlotlisitsoeng o ile a behoa teroneng e le Morena oa ’Muso oa leholimo. Ka ’Muso oo, Jehova Molimo o tla felisa ka ho feletseng mahlomola ’ohle a ’nileng a khetholla lekholo lena la lilemo.—Pesaleme ea 37:10, 11; Moeklesia 8:9; Tšenolo 21:3, 4.

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]

U.S. National Archives photo

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela