Setsebi se Bolela Nako e Ncha ea ho Ngoloa ha Meqolo ea Bibele ea Letsoho
Ho ea ka Carsten Peter Thiede, setsebi sa Lejeremane sa meqolo ea loli, ho na le bopaki bo matla ba hore likaroloana tse tharo tsa loli tsa Kosepele ea Matheu (tse tsejoang ka hore ke Magdalen Papyrus) li ngotsoe lekholong la pele la lilemo.
Ka mor’a ho bapisa likotoana tseo (tse nang le likarolo tsa Matheu khaolo ea 26) le lengolo la khoebo la boholo-holo le fumanoeng Egepeta, Thiede o ile a hlokomela hore tokomane ea Egepeta “e batlile e tšoana ka ho feletseng le Magdalen Papyrus—ka ponahalo ea eona e akaretsang le ka sebōpeho sa mangolo ao ka bomong.” Thiede le mongoli-’moho le eena Matthew D’Ancona ba fihletse qeto bukeng ea bona ea Eyewitness to Jesus—Amazing New Manuscript Evidence About the Origin of the Gospels ea hore ho tšoana ho teng pakeng tsa litokomane tseo tse peli ho bontša hore li ngotsoe hoo e ka bang ka nako e tšoanang. Neng? Tokomane ea khoebo ke ea “‘Selemo sa bo12 sa Morena Nero, Epeiph 30’—e leng la 24 July, 66 [C.E.], ho ea ka almanaka ea rōna.”
Moprofesa Philip W. Comfort oa hlalosa, sehloohong se phatlalalitsoeng ho Tyndale Bulletin: “Ho behoa hona ha nako, haeba ho nepahetse, ke habohlokoa haholo, hobane ho beha moqolo oa Kosepele ea Matheu lekholong leo e ngotsoeng ka lona la lilemo.” Hape ho tla boetse ho etsa hore Magdalen Papyrus e be likaroloana tsa Kosepele tsa khale ka ho fetisisa tse teng.
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
By permission of the President and Fellows of Magdalen College, Oxford
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]
Magdalen Papyrus, e bontšitse boholo ba eona ba sebele