Na U Tla Ela Temoso Hloko?
A LA 19 May, 1997, leholiotsoana le ile la fiela setereke sa Chittagong, Bangladesh. Meea e tsamaeang ka lebelo la lik’hilomithara tse ka bang 250 ka hora e ile ea tlalehoa motseng oa Cox Bazaar. Libakeng tsa mahaeng, matlo a ruletsoeng ka joang a ile a nyamela feela, a siea libataolo tse nyenyane tsa seretse moo a neng a kile a ba teng. Lifate le lipalo tsa mehala li ile tsa qotsuloa ka metso; tse ling li ile tsa robeha ka lehare joaloka lithutsoana tsa mollo. Sehlooho sa litaba koranteng ea Bhorar Kagoj se ile sa tlaleha hore batho ba 105 ba ile ba bolaoa ke leholiotsoana leo.
Khaso ea tšebeletso ea boemo ba leholimo e ile ea phatlalatsa hore sefefo seo se ka ’na sa tsamaea le hokae lihora tse 36 pele ho moo. Ha ho pelaelo hore bophelo ba ba bangata bo ile ba bolokeha ha batho ba makholo-kholo a likete ba ne ba tšabela mehahong ea konkreite ho baleha leholiotsoana leo.
Ka lilemo tse fetang lekholo ho tla fihlela joale, Lipaki tsa Jehova li ’nile tsa phatlalatsa litaba tsa koluoa e ntseng e atamela e tlang ho senya ho feta leholiotsoana leha e le lefe. Bibele e e bitsa “letsatsi la Jehova le leholo, le tšabehang.” (Joele 2:31) Ka ho ela hloko melaetsa ea boprofeta ea temoso e fumanoang ka Bibeleng, re ka phonyoha khalefo ea lona.—Sofonia 2:2, 3.
Che, Lipaki tsa Jehova hase baprofeta ba timetso. Molaetsa oa tsona ke oa tšepo. Li lakatsa ho thusa batho hore ba ithute ka ’Muso oa Molimo, oo haufinyane o tlang ho tlosa ho hloka toka hohle holim’a lefatše. Lentsoe la Molimo, Bibele, lea re bolella: “Ho se ho se hokae, ’me molotsana o tla ba sieo; u tla qamaka tulo tsa hae, empa o tla be a setse a le sieo; empa ba bonolo ba tla rua lefatše, ba iketle khotsong e kholo.”—Pesaleme ea 37:10, 11.
[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng e leqepheng la 32]
WHO/League of Red Cross