“Ba Balelele Joaloka Kedare ea Lebanone”
LITHABENG tse ntle tsa Lebanone ho mela lifate tse tsejoang ka hore ke Arz Ar-rab, e bolelang “Likedare tsa Morena.” Lifate tsena tse khōlōhali tse lulang li le tala, tse kileng tsa aparela lithaba tseo, ho buuoa ka tsona ka Bibeleng ka makhetlo a ka bang 70—ho feta sefate leha e le sefe se seng.
Mangolo a sebelisa mantsoe a kang tse “ntle” le tse “khōlō,” ha a hlalosa boholo ba likedare tsa Lebanone. (Sefela sa Lifela 5:15; Ezekiele 17:23) Boholo le ho tšoarella ha lehong la kedare ho le entse hore e be le ratoang haholo bakeng sa ho haha matlo le likepe hammoho le ho etsa thepa ea ka tlung. Monko o monate le ’mala o mofubetsoana oa lehong ke o hohelang haholo, ’me boka ba lona bo bongata bo le etsa hore le se ke la bola le hona ho senngoa ke likokoanyana. Lifate tsena li telele ka tsela e hlollang hape li khōlō, li fihla bophahamong ba limithara tse 37 le bophareng ba limithara tse 12, ’me metso ea tsona e tebile ebile e matla. Hase feela litsebi tse ling tsa kajeno tsa meru li li hlalositseng e le “khanya ea moqhaka oa lefatše la limela”!
Mongoli oa Bibele Ezekiele ka boprofeta o ile a tšoantša Mesia le letlōbō la kedare, le hlonngoeng ke Molimo ka boeena. (Ezekiele 17:22) Ha e le hantle, lentsoe la Seheberu bakeng sa “kedare” le tsoa motsong o bolelang “ho tiea.” Kajeno, balateli ba Mesia, Jesu Kreste, ka ho tšoanang ba lokela ho ‘ema ba tiile tumelong ba le matla,’ joaloka kedare e telele, e matla. (1 Bakorinthe 16:13) See se ka finyelloa joang? Ka ho hanela litšusumetso tseo e seng tsa Bokreste ka tieo le ka ho tšoarella ka tieo tseleng ea botšepehi le ea boinehelo ba bomolimo. Ba etsang joalo ba hlalosoa ka Bibeleng e le “ba lokileng . . . [ba] hōlang ho ba balelele joaloka kedare ea Lebanone.”—Pesaleme ea 92:12, The New English Bible.