Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha
Ho Batla Molimo oa ’Nete Hoa Putsoa
LEKHOLONG la bo10 la lilemo B.C.E., ’muso oa Juda oa meloko e ’meli o ile oa tlala borapeli ba bohata. Leha ho le joalo, ka har’a borapeli boo bo neng bo atile ba litšoantšo, ho ne ho phela monna e mong eo pelo ea hae e neng e lokile ho Molimo. Lebitso la hae e ne e le Jehoshafate. Moprofeta Jehu o ile a re ka eena: “Ho na le lintho tse ntle tse fumanoeng ho uena, hobane u . . . lokisitse pelo ea hao hore e batle Molimo oa ’nete.” (2 Likronike 19:3, NW) Ka ho tšoanang kajeno, ‘linakong tsena tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona,’ batho ba limilione ba ‘lokisitse lipelo tsa bona’ ho batla Molimo oa ’nete, Jehova. (2 Timothea 3:1-5) Sena se pakoa ke phihlelo e latelang ea Togo, Afrika Bophirimela.
Casimir o ne a kena sekolo sa K’hatholike ’me ha a le lilemo li robong, o ile a kena Likamohelong. Leha ho le joalo, ha Casimir a ba lilemo li 14, o ne a se a khaolitse ho ea kerekeng. Sena se ile sa etsa hore a phele a tšohile hobane o ne a nahana hore ho se ee ’Miseng ho ne ho tla etsa hore a ee mollong oa lihele, kapa bonyane pelekatoring.
Sekolong, Casimir o ile a kena sehlopheng sa bacha ba neng ba kopana hang ka beke ho ithuta Bibele. O ile a boela a qala ho bala Bibele boinotšing. Ka lekhetlo le leng, Casimir o ile a bala ka sebata se tšosang se tsoang leoatleng bukeng ea Tšenolo. (Tšenolo 13:1, 2) Ha a botsa moeta-pele oa sehlopha sa bona se ithutang Bibele ka sona, o ile a bolelloa hore sebata seo ke sa sebele le hore se fela se tla tsoa leoatleng. Tlhaloso ena e ile ea tšoenya Casimir hobane o ne a lula haufi le Lebōpo la Atlantic. O ne a kholisehile hore o tla ba har’a ba pele ba tla hlaseloa ke sebata seo.
Casimir o ile a qala ho boloka chelete ea hae e le hore a ka balehela lehoatateng le holimo ka leboea molemong oa ho phema sebata seo. O ile a bolella seithuti se seng ’moho le eena ka morero oo oa hae. Kaha seithuti seo e ne e le e mong oa Lipaki tsa Jehova, se ile sa mo tiisetsa hore ha ho na sebata se joalo sa sebele se tla tsoa leoatleng. Nakoana ka mor’a moo, Casimir o ile a memeloa libokeng Holong ea ’Muso. O ile a thabela liboka tseo ’me a qala ho ba teng kamehla. O ile a boela a lumela ho ba le thuto ea Bibele lapeng.
Ha Casimir a hatela pele thutong eo ea hae, khanyetso ea lelapa e ile ea qala. Lelapa labo le ne le rapela balimo ’me le ja nama e sa ntšoang mali e setseng ha ho etsoa pha-balimo. Ha ka tlhompho Casimir a hana ho ja nama eo, o ile a sokeloa ’me a bolelloa hore a tlohe lapeng. Casimir o ile a ikhaohanela ’me seo a neng a sokeloa ka sona ha sea ka sa etsoa. Leha ho le joalo, lelapa le ile la ja nama eo feela ka likhoeli tse tharo. Casimir o ile a ba le bothata ba ho se fumane lijo tse lekaneng hore a khore, empa o ile a mamella bothata bona le a mang.
Casimir o ile a hatela pele moeeng ho fihlela a inehela le ho kolobetsoa. Hamorao, o ile a khethoa ho ba mohlanka ea sebeletsang ’me a ba teng sehlopheng sa bone sa Sekolo sa ho Koetlisetsoa Bosebeletsi Togo. Hona joale o thabela ho etsa mosebetsi oa boithaopo lekaleng.
Ka sebele, mantsoe ana a Morena Davida a ipakile e le ’nete hakaakang maemong a mangata: ‘Haeba u batla [Jehova], o tla etsa hore u mo fumane.’—1 Likronike 28:9, NW.
[Litšoantšo tse leqepheng la 8]
Casimir (ka ho le letona) o thabela mosebetsi oa boithaopo lekaleng