Sehlekehleke se Thōko le se Senyenyane
LIHLAKISI tse sebelisoang hangata ho hlalosa sehlekehleke sa St. Helena ke “thōko” le “nyenyane.” Seo ke se loketseng, hobane sehlekehleke sena se bolelele ba lik’hilomithara tse 17 le bophara ba lik’hilomithara tse 10, se bohōle ba lik’hilomithara tse 1 950 ho tloha sebakeng se haufinyane ka ho fetisisa, e leng lebōpo la Afrika le ka boroa-bophirimela. Napoléon Bonaparte o ile a romeloa mona ka 1815 hore a lule teng ho fihlela a e-shoa e le motlamuoa ea hlōtsoeng.
Ho tloha leoatleng sehlekehleke sena se shebahala joaloka qhobosheane e kenyang tšabo. Ha e le hantle ke thaba e seng e khaolitse ho foqoha seretse se chesang e hlaheletseng ka har’a Atlantic, e nang le lilomo tse telele tse bophahamo ba limithara tse 500 ho ea ho 700. Bohareng ba sona, Thaba ea Actaeon, e bophahamo ba limithara tse 818, e okametse sehlekehleke sena kaofela. Ka lebaka la moea o pholileng o fokelang nģa e le ’ngoe o sa khaotse oa Atlantic Boroa le ho phalla ha metsi a leoatle, sehlekehleke sena se na le boemo ba leholimo boo ka kakaretso bo itekanetseng bo bileng bo thabisang. Empa ho tloha moeling oa lebōpo la leoatle o leng tlaase haholo ho ea bohareng ba sebaka se lithaba, boemo ba leholimo boa fapa-fapana ’me ho na le limela tse sa tšoaneng.
St. Helena e ’nile ea e-ba kolone ea Brithani ho tloha bofelong ba lekholo la bo17 la lilemo. Baahi ba seng bakae bao palo ea bona e ka bang 5 000 ke motsoako oa batho ba tsoang Europe, Asia le Afrika. Ho buuoa Senyesemane ho pholletsa le sehlekehleke sena, empa mantsoe a bitsoa ka tsela e khethehileng. Ha ho na lebala la lifofane mona; se kopanyang sebaka sena le libaka tse ka ntle ho sona ke sekepe, seo hangata se eang Afrika Boroa le Engelane. Ha e le hantle, khaso ea thelevishene e sa tsoa qala bohareng ba 1990, ka lebaka la ho hokahanngoa ka sathelaete.
Mathoasong a bo-1930, litaba tse molemo tsa ’Muso oa Molimo li ile tsa boleloa sebakeng sena se lebōpong la leoatle ka lekhetlo la pele. (Matheu 24:14) Ho theosa le lilemo, baahi ba bangata ba sehlekehleke sena ba iphumanetse letlotlo lena le etsang hore matlotlo a lintho tse bonahalang e be a sa reng letho. (Matheu 6:19, 20) Kajeno, St. Helena e thabela ho khetholloa ka ho ba le karo-karolelano ea Paki e le ’ngoe bakeng sa baahi ba 31, e leng e ntle ka ho fetisisa lefatšeng!
[Limmapa tse leqepheng la 24]
(Ha u batla ho bona boitsebiso bo hlophisitsoeng hantle, sheba sengoliloeng)
St. Helena
JAMESTOWN
Levelwood
AFRIKA
LEOATLE LA ATLANTIC
St. Helena