Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 5/1 leq. 25
  • Bala le Bana ba hao

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bala le Bana ba hao
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 5/1 leq. 25

Bala le Bana ba hao

Ho latela makasine ea Brazil Veja, bana ba babali ba khothetseng ba nolofalloa haholoanyane hore ba rate libuka ho feta bana bao ho se nang motho ea ba behelang mohlala o joalo oa ho bala ka lapeng. Martha Hoppe, setsebi sa khōlo ea bana o re: “Ho bala hammoho ho matlafatsa botsoalle bo haufi-ufi pakeng tsa batsoali le bana ’me ho etsa hore ngoana a utloisise ka ho feletseng se fuperoeng ke libuka.”

Ho balla bana ba hao ka lentsoe le phahameng ho boetse ho u fa monyetla oa ho araba lipotso. U ka bua ka litšoantšo life kapa life tse tsamaisanang le taba e ngotsoeng. Hoppe oa hlokomela: “Ha ngoana a utloisisa se fuperoeng ke libuka haholoanyane, o tla susumelletseha haholoanyane hore a li batle ha a batla ho khotsofatsa takatso ea hae ea ho batla ho tseba lintho.”

Batsoali ba bangata har’a Lipaki tsa Jehova ba thabela ho bala le bana ba bona. Ba ka bala lingoliloeng tse kang Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, Ho Mamela Mosuoe e Moholo le Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela.a Libuka tse kang tsena ha li thuse bana feela hore e be babali ba molemo empa hape li atolosa thahasello ea bona bukeng e rekoang haholo lefatšeng—Bibele e Halalelang. Ka lebaka leo, haeba u motsoali, behela bana ba hao mohlala ka ho ba ’mali ea khothetseng oa Lentsoe la Molimo. (Joshua 1:7, 8) ’Me ka hohle-hohle, iphe nako ea ho ba balla!

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Li hatisitsoe ke Watchtower Bible and Tract Society of New York, Inc.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela