Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 6/1 leq. 8
  • “Ho Molimo Lintho Tsohle Lia Khoneha”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ho Molimo Lintho Tsohle Lia Khoneha”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ke Leboha Tšehetso e sa Hlōleheng ea Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1993
  • Ho Tloha ho Tepelleng Maikutlo ho ea Thabong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • “Jehova, U Mphumane!”
    Tsoha!—2004
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 6/1 leq. 8

Baboleli ba ’Muso Baa Tlaleha

“Ho Molimo Lintho Tsohle Lia Khoneha”

MANTSOE a boletsoeng ka holimo, a fumanoang ho Matheu 19:26, a ipakile e le ’nete ho mosali e mong e mocha oa Venezuela. Ka mor’a hore a ithute ho tšepa Jehova ka ho feletseng, o ile a khona ho hlōla bothata bo tebileng. Oa pheta:

“Nkhono oa ka e ne e le motho ea mosa le ea lerato haholo. Ka masoabi, o ile a hlokahala ha ke le lilemo li 16 feela. Lefu la hae le ile la nkutloisa bohloko haholo. Ke ile ka lahleheloa ke teka-tekano maikutlong, ke sa batle feela le ho tsoa ka tlung ho ea jareteng. Ke ile ka qetella ke le pulumo ea se-ema-nosi ka ho feletseng.

“Ke ne ke sa kene sekolo, leha e le hona ho sebetsa. Ke ne ke itulela ka kamoreng ea ka feela. Kaha ke ne ke jeoa ke bolutu ’me ke se na metsoalle leha e le efe, ke ile ka tepella haholo maikutlong. Ke ile ka ikutloa ke se na thuso ka ho feletseng ’me ke ne ke lakatsa ho shoa ebe ke phetho. Ke ne ke lula ke ipotsa, ‘Ke phelela’ng?’

“’Mè o ne a tloaetse ho amohela limakasine tsa Molula-Qhooa le Tsoha! ho Paki e ’ngoe e nyenyane e bitsoang Gisela. Ka letsatsi le leng, ’Mè o ile a bona Gisela a feta lapeng ’me a mo botsa hore na a ka nthusa. Gisela o ile a lumela hore o tla leka ho nthusa, empa ke ile ka hana ho mo bona. Sena ha sea ka sa nyahamisa Gisela. O ile a ’ngolla lengolo ’me a mpolella hore o batla ho ba motsoalle oa ka le hore motho e mong ea leng bohlokoa haholo ho mo feta, o ne a batla ho ba motsoalle oa ka le eena. O ile a re motho eo ke Jehova Molimo.

“Sena se ile sa nkama, ’me ke ile ka arabela lengolo leo la hae. Re ile ra ngollana ka likhoeli tse tharo. Ke feela ka mor’a hore Gisela a ntšusumetse ka matla le ho mphehella ke ileng ka qetella ke fumane sebete sa ho kopana le eena. Ha re kopana ka lekhetlo la pele, Gisela o ile a ithuta Bibele le ’na, a sebelisa buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng. Ka mor’a thuto, o ile a ’memela hore ke ee sebokeng Holong ea ’Muso e sebakeng seo. O ne a ntlhahile lesumatha. Ke ne ke e-s’o ka ke tsoela ka ntle ka lilemo tse ’nè, ’me khopolo ea ho tsamaea seterateng e ne e ntšosa.

“Gisela o ne a ’mamella haholo. O ile a ntiisetsa hore ha kea tlameha ho tšoha letho le hore o tla tsamaea le ’na ho ea sebokeng. Qetellong ke ile ka lumela. Ha re fihla Holong ea ’Muso, ke ile ka qala ho thothomela le ho fufuleloa. Ke ne ke sitoa ho lumelisa batho. Leha ho le joalo, ke ile ka lumela ho tsoela pele ke e-ea libokeng, ’me Gisela o ne a ntata ka botšepehi beke e ’ngoe le e ’ngoe.

“E le ho nthusa hore ke hlōle letsoalo leo ke neng ke e-na le lona, Gisela o ne a etsa hore re ee libokeng nako e sa le teng. Re ne re ema monyako ’me re lumelisa motho e mong le e mong ha a fihla. Ka tsela eo, ke ne ke shebana le motho a le mong kapa ba babeli ka nako, eseng sehlopha sa batho kaofela ka nako e le ’ngoe. Ha ke ne ke ikutloa eka ha ke khone, Gisela o ne a nqotsetsa Matheu 19:26: ‘Ho batho hona ho ke ke ha khoneha, empa ho Molimo lintho tsohle lia khoneha.’

“Le hoja ho ne ho se bonolo, qetellong ke ile ka khona ho ea le moo batho ba bokaneng ka bongata haholoanyane kopanong ea potoloho. Boo e ne e le bohato bo boholo hakaakang ho ’na! Ka September 1995, ke ile ka ipha sebete sa ho bua le baholo mabapi le ho kopanela tšebeletsong ea ntlo le ntlo. Likhoeli tse tšeletseng hamorao, ka April 1996, ke ile ka bontša boinehelo ba ka ho Jehova ka kolobetso ea metsing.

“Haufinyane tjena ha motho e mong a ne a mpotsa hore na ke fumane sebete sa ho etsa sena joang, ke ile ka mo araba: ‘Takatso ea ka ea ho sebeletsa Jehova e feta tšabo eo ke nang le eona.’ Le hoja ke ntse ke e-na le linako tse ling tseo ke hlaseloang ke ho tepella maikutlo ka tsona, thabo ea ka e ekelitsoe ke ho sebetsa ke le pula-maliboho oa kamehla. Ha ke hetla morao, ke lokela ho lumellana le Gisela. Hona joale ke na le Motsoalle ea nthahasellang le ‘ea mphang bonatla.’”—Bafilippi 4:13.

[Litšoantšo tse leqepheng la 8]

“Takatso ea ka ea ho sebeletsa Jehova e feta tšabo ea ka”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela