Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 8/15 maq. 3-4
  • Na U Rata Bophelo?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Na U Rata Bophelo?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • “Tšoanelo Eohle ea Motho”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Bophelo ba Hao—Morero oa Bona ke Ofe?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Ke Eng e Etsang Hore Bophelo e be ba Bohlokoa?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • Bophelo bo Nang le Morero Hona Joale le ka ho sa Feleng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 8/15 maq. 3-4

Na U Rata Bophelo?

“E RENG ke bone leseli.” Ana ke mantsoe ao ho tlalehoang hore seroki sa Letaliana Giacomo Leopardi o ile a a bolella ba neng ba mo oka pejana ho lefu la hae. Mantsoe ana a bontša lerato la motho le matla bakeng sa bophelo, bo emeloang ke leseli.

Ho rata bophelo ke boikutlo ba bohlokoa ba tlhaho bo susumelletsang batho ba bangata ho qoba likotsi le ho etsa sohle seo ba ka se khonang hore ba tsoele pele ho phela. Ntlheng ena, motho ha aa fapana haholo le liphoofolo, tseo ka tlhaho li nang le tšekamelo e matla ea ho phela.

Empa ke bophelo ba mofuta ofe boo ka sebele bo lokelang ho pheloa le ho ratoa? Hase ho phela ha ’mele feela tjee—ho hema le ho tsamaea feela. Leha e le hona hore ho khotsofala ho akaretsang ho tlisoa ke ho fumana sohle seo motho a ka se fumanang bophelong. Filosofi ea Maepikure, “a re jeng ’me re noeng, etsoe hosasane re tla shoa,” hangata ha ea tlisetsa batho khotsofalo. (1 Bakorinthe 15:32) Le hoja ka sebele ho e-na le lintho tsa motheo tse ’maloa tseo motho a li hlokang, o boetse o thahasella setso le boithabiso, re se re sa re letho ka seo a se hlokang moeeng se amanang le ho lumela ho Motho ea itseng ea Phahameng. Ka masoabi, batho ba limilione tse makholo, haeba e se ba likete tsa limilione, ba thabela se fetang ho phela ka lintho tse hlokahalang feela ka lebaka la maemo a bophelo le a tikoloho a hlomolang pelo libakeng tse ngata tsa lefatše. Mang kapa mang ea fellang ho khotsofatseng litlhoko tsa hae tsa nama feela—ho ja, ho noa, ho ba le matlotlo, kapa ho khotsofatsa litakatso tsa botona le botšehali—o batla a phela bophelo ba nama, boo ho bona a fumanang khotsofalo e fokolang. Ha e le hantle, ha a sebelise matlotlo a bohlokoa haholoanyane ao bophelo bo fanang ka ’ona e le hore a ka khotsofatsa matla a ho nahana le maikutlo a motho. Ho feta moo, mang kapa mang ea batlang ho khotsofatsa litakatso tsa hae tsa boikhabi feela, ha a hlōlehe ho fumana se molemohali bophelong feela empa o boetse o ntša sechaba seo a phelang har’a sona kotsi, ’me ha a ntšetse pele lithahasello tsa ba bang.

Ha a tiisa sena, moahloli ea sebetsanang le bana ba litlokotsebe o bolela hore “maqakabetsi a litekanyetso tsa boitšoaro, ho rorisoa ha batho bao e leng mehlala e mebe, le ho atleha ho tlisoang ke merero ea ho rua habonolo le kapele” li batla li “khothalletsa moea o feteletseng oa tlhōlisano.” Sena se lebisa boitšoarong bo kotsi sechabeng se bile se senya bacha, haholo-holo ha ba retelehela lithethefatsing.

Ua tseba hore bophelo bo na le lintho tse ngata tse hohelang—nako ea phomolo libakeng tse khahlehang, ho bala lintho tse thahasellisang kapa patlisiso, ho ba sehlopheng sa metsoalle e tlisang thabo, ’mino o monate. ’Me ho na le mesebetsi e mengata e khotsofatsang haholo le hanyenyane. Ba nang le tumelo e tebileng ho Molimo, ’me ka ho khetheha ho Molimo oa Bibele, Jehova, ba na le mabaka a eketsehileng a ho rata bophelo. Tumelo ea ’nete ke mohloli oa matla le khutso tse ka thusang batho ho sebetsana le linako tse boima. Ba lumelang ho Molimo oa ’nete, ka kholiseho ba ka re: “Jehova ke mothusi oa ka; ha nka ke ka tšaba.” (Baheberu 13:6) Batho ba tsebang lerato la Molimo ba na le boikutlo ba hore oa ba rata. Ba arabela leratong la hae, ba fumana thabo e tebileng ho lona. (1 Johanne 4:7, 8, 16) Ba ka phela bophelo ba ho ba mafolofolo le ba ho ameha ka boiketlo ba ba bang boo e leng mohloli oa khotsofalo. Ho joalo feela kaha Jesu Kreste a itse: “Ho na le thabo e eketsehileng ho faneng ho feta e teng ho amoheleng.”—Liketso 20:35.

Ka masoabi, ho na le lehlakore le leng la bophelo ba kajeno. Ho tletse mahlomola, ho hloka toka, bofutsana, ho kula le lefu—ha re bolela litšobotsi tse ling tse bohloko tseo hangata li etsang hore ho thabela bophelo ho be thata. Morena Solomone oa sechaba sa Iseraele sa boholo-holo ea ruileng, ea matla le ea bohlale o ne a sa hloke matlotlo leha e le afe a ka thabisang batho. Empa, ho ne ho e-na le ntho e ’ngoe e neng e mo tšoenya—ho hlokomela hore ha a e-shoa o ne a tla tlameha ho siela e mong sohle seo a se ‘sebelelitseng ka thata,’ a se entseng “ka bohlale le ka tsebo le ka botsebi.”—Moeklesia 2:17-21, NW.

Joaloka Solomone, ba bangata baa elelloa hore bophelo bo bokhutšoanyane, ’me bo fela kapele haholo. Mangolo a re Molimo ‘o kentse bosafeleng likelellong tsa rōna.’ (Moeklesia 3:11, Byington) Maikutlo ana a bosafeleng a susumelletsa motho ho nahanisisa ka bokhutšoanyane ba bophelo. Qetellong, ntle le hore ho fumanoe likarabo tse kholisang tsa se boleloang ke bophelo le lefu, motho a ka hatelloa ke maikutlo a ho felloa ke tšepo ea ho atleha le a ho se be le morero. Sena se ka etsa hore bophelo bo tlale masoabi.

Na ho na le likarabo lipotsong tsa motho tse tsielehisang? Na ho sa tla hlola ho e-ba le maemo a etsang hore bophelo bo ipiletse haholoanyane ’me bo tšoarelle?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela