Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 10/1 leq. 32
  • “Ba ne ba Tšaba Molimo oa ’Nete”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Ba ne ba Tšaba Molimo oa ’Nete”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 10/1 leq. 32

“Ba ne ba Tšaba Molimo oa ’Nete”

HA Baiseraele ba ne ba le bokhobeng Egepeta, babelehisi ba Baheberu Shifera le Pua ba ile ba behoa boemong bo sithabetsang. Ha a leka ho laola palo ea baahi ba linaha tse ling ba neng ba ata ka potlako, Faro o ile a laela basali bana: “Ha le belehisa basali ba Baheberu . . . , haeba e le mora, le mo bolaee.”—Exoda 1:15, 16, NW.

Shifera le Pua “ba ne ba tšaba Molimo oa ’nete,” ka hona, ba ile ba e-ba sebete ’me “ha baa ka ba etsa kamoo morena oa Egepeta a neng a buile le bona kateng.” Ho e-na le hoo, ba ile ba lesa bana ba batona hore ba phele, le hoja boemo bona bo bontšang sebete bo ne bo ka ba beha kotsing. Jehova o ile “a sebetsana hantle le babelehisi,” ’me a ba hlohonolofalletsa liketso tsa bona tse pholosang bophelo.—Exoda 1:17-21, NW.

Tlaleho ena e hatisa hore Jehova o ananela ba mo sebeletsang. A ka be a ile a talima seo Shifera le Pua ba se entseng e le ketso ea botho feela tjee, le hoja e bontša sebete. Etsoe, ha ho na mosali ea hlaphohetsoeng kelellong ea neng a ka bolaea bana! Ho ntse ho le joalo, ha ho pelaelo hore Jehova o ile a hopola hore batho ba bang, ka lebaka la ho tšaba batho, ba entse liketso tse mpe haholo. O ne a tseba hore babelehisi bana ba ne ba sa susumetsoe ke mosa oa botho feela empa ba ne ba boetse ba susumetsoa ke tšabo le boinehelo ba bomolimo.

Re ka leboha hakaakang hore ebe re sebeletsa Molimo ea hlokomelang liketso tsa rōna tse bontšang botšepehi! Ke ’nete hore mohlomong ha ho le ea mong ho rōna ea kileng a talimana le teko ea tumelo e ileng ea hlahela Shifera le Pua. Empa, ha re emela se nepahetseng re tiile—ebang ke sekolong, moo re sebetsang teng, kapa boemong bofe kapa bofe bo bong—Jehova ha a nke hasesaane lerato la rōna le tšepahalang. Ho fapana le hoo, “e ba moputsi oa ba mo batlang ka tieo.” (Baheberu 11:6) E, “Molimo hase ea sa lokang hoo a ka lebalang mosebetsi oa lōna le lerato leo le ileng la le bontša bakeng sa lebitso la hae, ka hore le sebelelitse bahalaleli ’me le tsoela pele ho sebeletsa.”—Baheberu 6:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela