Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w99 10/15 leq. 32
  • “Botho bo Matla bo Susumetsoang ke Tumelo”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Botho bo Matla bo Susumetsoang ke Tumelo”
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
w99 10/15 leq. 32

“Botho bo Matla bo Susumetsoang ke Tumelo”

SELEMONG sa 1998 ho ile ha lokolloa buka e ncha ka Sefora, e ileng ea thoholetsoa haholo, e nang le sehlooho se reng, Les Témoins de Jéhovah face à Hitler (Lipaki tsa Jehova ha li Talimane le Hitler), e ngotsoeng ke Guy Canonici. Tlhalosong ea hae ea buka ena, rahistori oa Mofora ea hlomphuoang haholo François Bédarida o ile a ngola: “Buka ena ke e thabetsoeng ka ho fetisisa. Eseng feela hobane e koala lekhalo, empa hobane e tlile ka nako e loketseng. . . . Ntle ho litsebi, ke mang ea tsebang mahlomola a Lipaki tsa Jehova tlas’a ’Muso oa Boraro? Empa, ho pholletsa le puso ea lilemo tse 12, li ’nile tsa hlorisoa ka sehlōhō le ka mabifi a sa khaotseng. Le tsona li ile tsa e-ba tlas’a tšabo ea likampo tsa mahloriso. Le tsona li ile tsa latsoa liphello tse boima ka lebaka la tumelo ea tsona le lintho tseo li kholisehileng ka tsona. Ke hobane’ng ha histori e lebetse Bakreste baa? . . . 

“Ke hobane’ng ha ho ne ho e-na le mahloriso a mabifi hakaalo a hlophisitsoeng a sehlopha sa bolumeli se senyenyane, se qalikaneng le se seng kotsi? Ena ke karolo ea bohlokoa ea polelo eo ho bonahalang eka ea ikhanyetsa. Hase feela hore Lipaki tsa Jeremane e ne e le karolo e nyenyane haholo ea baahi—lipalo-palo li bontša hore li 20 000 har’a baahi ba limilione tse 60—empa kaofela e ne e le baahi ba nang le khotso ba neng ba hlompha molao bao ho seng motho eo e neng e le tšokelo ho eena, ba neng ba mpa ba batla ho sebetsa le ho hōlisa bana ba bona hantle. . . .

“Mahloriso ana a ile a talimana le khanyetso ea moea e phehellang le e hlōlang ea balumeli ba khonang ho hanyetsa tšusumetso ea likhatello tse tsoang ka ntle ka matla a ka hare a tumelo ea bona ho Jesu Kreste, ho qala ka ho shaptjoa ke mapolesa a Naha—ho isa ho beng bahale le bashoela-tumelo.”

Pale ea Lipaki tsa Jehova tse ileng tsa shoela tumelo ea tsona ea Bokreste ha li talimane le leeme la bolumeli ke e matla. Ha e hlahloba buka ena, koranta ea K’hatholike ea Sefora e hlaheletseng, La Croix, ka tsela e amang maikutlo ka ho tebileng e ile ea eketsa: “Mabapi le histori ea tsona eo ho tsejoang hanyenyane ka eona, Guy Canonici o bokeletse bopaki bo bongata bo sieang motho a maketse ha a bona botho bo matla bo susumetsoang ke tumelo bo hlalosoang ka mantsoe a bonolo ka ho fetisisa, tumelo eo ho fihlela qetellong e neng e ke ke ea senngoa esita le ho bana. Khopotso ena e lokela ho fana ka setšehetso phehisanong e mabapi le botho ba Bokreste ba Lipaki tsa Jehova.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela