“Ketelo ea ka Holong ea ’Muso”
Seithuti sa koleche se bitsoang Laura,a se ile sa abeloa ho ea tšebeletsong ea bolumeli le hore se ngole tlaleho ka phihlelo ea sona. Laura o ile a khetha Lipaki tsa Jehova, eaba tlaleho ea hae o e fa sehlooho se reng, “Ketelo ea ka Holong ea ’Muso.” O ile a fumana Lipaki li fapane ka eng? Har’a lintho tse ngata tseo a ileng a li bolela ke tse latelang.
Bana: “Bana bohle ba ne ba le ’moho le batho ba baholo. Likerekeng tsohle tseo ke ileng ka ea ho tsona, bana ba siea batsoali ’me ba tlameha ho ea Sekolong sa Sontaha.”
Kutloano ea merabe: “Ka tloaelo, likereke li hapa litho tsa morabe kapa moloko o itseng. . . . Leha ho le joalo, Lipaki tsa Jehova li ne li lutse hammoho kaofela ’me e se ka maquloana.”
Kamohelo e mofuthu ea baeti: “Batho ba bangata ba ile ba tla ho ’na ’me ba bua le ’na. . . . Ba bang ba bile ba mpotsa hore na ho na le motho eo ke ithutang Bibele le eena. Leha ho le joalo, ha kea ka ka ikutloa eka baa nqobella. Ba . . . ile ba siea qeto ho ’na.”
Ha ho bokelloe likoleke: “Ntho e ’ngoe e ileng ea ’makatsa ka sebele ke ’nete ea hore ha ho ea neng a bokella koleke. . . . Likerekeng tseo ke ’nileng ka ba ho tsona ho ne ho bile ho bokelloa koleke ka lihlopheng tsa bana.”
Ho na le liphutheho tsa Lipaki tsa Jehova tse ka bang 90 000 lefatšeng ka bophara. Ke eng ha u sa etele e haufi le uena?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Hase lebitso la hae.