Seo a se Hloloheloang New York City
HAESALE ho tloha ka bo-1950 letšoao le ka holimo le behiloe ka mokhoa o bonahalang mohahong o mong oa fektheri oa Mokhatlo oa Watchtower o Brooklyn, New York. Batho ba eang mesebetsing, bahahlauli le ba bang ba fetang moo ba hopotsoa ho bala Bibele letsatsi le letsatsi. Lengolo le latelang, le amohetsoeng le e-tsoa ho ngoanana e monyenyane oa Paki, le bontša matla a khopotso ena.
“Ke ne ke buisana le eo ke leng tlelaseng e le ’ngoe le eena ka hore na ke batla ho etsa’ng ha ke qeta sekolong se phahameng. Ke ile ka qala ho bua ka Bethele, e leng ntlo-khōlō ea Lipaki tsa Jehova, ’me o ile a thaba haholo. O ile a mpolella hore o lutse New York City nako e telele haholo. Lelapa labo le ne le sa thahaselle bolumeli hakaalo, empa hoseng ho hong le ho hong ha a sheba ka ntle ka fensetere, ho ne ho e-na le letšoao le reng ‘Bala Lentsoe la Molimo Bibele e Halalelang Letsatsi le Letsatsi.’ Kahoo, letsatsi le leng le le leng o ne a bala Bibele ea hae pele a e-ea sekolong.
“Hoba a tlohe motseng oo, o itse ntho eo a e hloloheloang New York City, ke hore ha a tsoha hoseng, ha a sa bona khopotso ea hore a bale Bibele. Empa ka lebaka la letšoao le mohahong oa Watchtower, ho bala Bibele ho se ho fetohile mokhoa, kahoo o tsoela pele ho bala Bibele letsatsi le letsatsi!”
Ke tsela efe e ka bang molemo ho feta ho qalisa letsatsi ka ho bala karolo ea Lentsoe la Molimo! Ka ho etsa joalo, ha ho pelaelo hore u tla ananela mantsoe a moapostola Pauluse, a reng: ‘Lingoliloeng tse halalelang li khona ho u hlalefisetsa poloko ka tumelo mabapi le Kreste Jesu.’—2 Timothea 3:15-17.