Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 4/1 leq. 32
  • Ketsahalo e Khethehileng—Na U Tla ba Teng ho Eona?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ketsahalo e Khethehileng—Na U Tla ba Teng ho Eona?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 4/1 leq. 32

Ketsahalo e Khethehileng—Na U Tla ba Teng ho Eona?

LETSATSING le hopolehang lilemong tse 3 500 tse fetileng, Jehova Molimo o ile a laela hore lelapa le leng le le leng la Baiseraele ba entsoeng makhoba Egepeta le bolaee konyana kapa pōli ’me le fafatse mali a eona likoseneng tsa menyako le ka holim’a menyako ntlong ea lona. Bosiung bona boo, lengeloi la Molimo le ile la feta matlo a tšoailoeng ka tsela ena, empa la bolaea bara ba matsibolo malapeng a Baegepeta bohle. Ka mor’a moo, Baiseraele ba ile ba lokolloa. Bajuda ba ’nile ba keteka Paseka letsatsing la ho ikhopotsa ketsahalo eo.

Hang ka mor’a hore Jesu Kreste a qete ho keteka Paseka ea hae ea ho qetela le baapostola ba hae, o ile a theha sejo sa ho ikhopotsa lefu la hae la sehlabelo. O ile a fa baapostola ba hae bohobe bo sa lomosoang ’me a re: “Nkang, le je. Sena se bolela ’mele oa ka.” Eaba o ba fa senoelo sa veine ’me o re: “Noang ho sona, kaofela ha lōna; kaha sena se bolela ‘mali a selekane’ a ka, ao ka sebele a tlang ho tšolloa molemong oa ba bangata bakeng sa tšoarelo ea libe.” Jesu o ile a boela a re: “Le ’ne le etse sena ho nkhopola.” (Matheu 26:26-28; Luka 22:19, 20) Ka hona, Jesu o ile a laela balateli ba hae ho etsa mokete ona oa lefu la hae.

Selemong sena letsatsi la mokete oa ho ikhopotsa lefu la Jesu ke Laboraro, la 19 April, ka mor’a hore letsatsi le likele. Bosiung bona bo khethehileng, Lipaki tsa Jehova lefatšeng lohle li tla bokana ho keteka Sehopotso sena ka mokhoa oo Jesu a o laetseng. U mengoa ka mofuthu hore u be le rōna re le bashebelli. Re kōpa hore u botse Lipaki tsa Jehova tsa haeno hore na seboka seo se tla tšoaroa ka nako efe ’me se tla tšoareloa hokae.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela