Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w00 4/15 maq. 3-4
  • Matšeliso a Hlokahala Hakaakang!

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Matšeliso a Hlokahala Hakaakang!
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšelisoa ke Matla a Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
  • Tšelisa ba Mesarelong
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2003
  • Matšeliso Bakeng sa ba Hateletsoeng
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Matšeliso a Tsoang ho “Molimo oa Matšeliso ’Ohle”
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
w00 4/15 maq. 3-4

Matšeliso a Hlokahala Hakaakang!

“Bonang! meokho ea ba ntseng ba hatelloa, empa ba ne ba se na motšelisi; ’me ka lehlakoreng la bahatelli ba bona ho ne ho e-na le matla, hoo ba neng ba se na motšelisi.”—MOEKLESIA 4:1, NW.

NA U batla matšeliso? Na u batla matšeliso a seng makae a ka u imollang ho sithabetsoeng ke ho nyahama? Na u lakatsa khothatso e seng kae e ka hlasimollang bophelo bo sulafalitsoeng ke mahlomola le liketsahalo tse bohloko?

Nako e teng eo ka eona bohle re hlokang matšeliso le khothatso. Sena se bakoa ke hore bophelong, ho na le lintho tse ngata tse bakang masoabi. Bohle re batla ho ba le matlo, ho futhumala le ho koptjoa ka matsoho. Ba bang ba rōna ba tsofetse ’me sena se ba utloisa bohloko. Ba bang ba saretsoe haholo hobane bophelo ha boa ba kamoo ba neng ba tšepile kateng. Ba bang hape ba ferekantsoe ke tlaleho e tsoang lefapheng la tlhahlobo ea mafu.

Ho feta moo, ba bangata ba ke ke ba latola hore liketsahalo tsa mehleng ea rōna li entse hore matšeliso le tšepo e be tse hlokahalang haholo. Lekholong le fetileng la lilemo feela, batho ba fetang limilione tse lekholo ba shoetse lintoeng.a Hoo e ka bang kaofela ha bona ba siile malapa a saretsoeng—bo-’mè le bo-ntate, banab’abo bona, bahlolohali le likhutsana—ba hlokang khothatso ka tieo. Kajeno, batho ba fetang limilione tse sekete ba kolla ntsi hanong. Halofo ea baahi ba lefatše e haelloa ke ho fumana tlhokomelo ea kamehla e hlokahalang ea lingaka le meriana. Literateng tsa metse e meholo e silafetseng ho lelera bana ba limilione ba lahliloeng, ’me ba bangata ba bona ba sebelisa lithethefatsi ebile ba phela ka botekatse. Baphaphathehi ba limilione ba feletsoe ke tšepo likampong tse maemong a tšosang.

Leha ho le joalo, le hoja lipalo li hapa tlhokomelo hakaalo, ha li hlalose bohloko ba motho ka mong le mahlomola tseo ba bang ba li utloang bophelong ba bona. Ka mohlala, nahana ka Svetlana, moroetsana e mong oa Linaheng tsa Balkan ea tsoaletsoeng bofutsaneng bo sisimosang.b O re: “E le hore ke fumane chelete, batsoali ba ka ba ne ba nthōma hore ke e’o kōpa kapa ke utsoe. Bophelo ba lelapa bo ile ba senyeha hoo ke ileng ka ba phofu ea hore bao ke tsoalanang le bona haufi ba kopanele liphate le ’na. Ke ile ka fumana mosebetsi oa ho fepa matlong a lijo, ’me ’Mè, ea neng a amohela chelete eo ke neng ke e sebeletsa, o ile a bolela hore haeba nka senyeheloa ke mosebetsi oo, o tla ipolaea. Sena sohl e se ile sa nkhulela bophelong ba botekatse. Ke ne ke le lilemo li 13 feela. Ka mor’a nako, ke ile ka ima eaba ke ntša mpa. Ha ke le lilemo li 15, e ne eka ke lilemo li 30.”

Laimonis, mohlankana e mong oa Latvia, o bolela ka bohlokoa ba matšeliso le ka lintho tse bohloko tseo a li hopolang tse ileng tsa mo hlonamisa. Ha a le lilemo li 29, o ile a ameha kotsing ea koloi e ileng ea mo bolaea litho ho tloha thekeng ho ea tlaase. O ile a felloa ke tšepo ka ho feletseng eaba o inehella joala. Lilemo tse hlano hamorao e ne e le lerantha—lehlena le shoeleng litho le se nang bokamoso. O ne a tla fumana matšeliso hokae?

Ho feta moo, nahana ka Angie. Monna oa hae o ile a buuoa boko ka makhetlo a mararo hoo qalong a ileng a shoa litho tse ling ka lebaka la hona. Joale, lilemo tse hlano ka mor’a ho buuoa ka lekhetlo la ho qetela, o ile a ameha kotsing e khōlō, e ka beng e ile ea mo bolaea. Ha mosali oa hae a kena ka kamoreng ea likotsi ’me a bona monna oa hae a robetse moo a ile le mailiili ka mor’a ho lemala hampe haholo hloohong, o ile a tseba hore ba tleloa ke tlokotsi. Eena le lelapa la hae ba ne ba tla hula ka thata. Ke joang a neng a ka fumana tšehetso le khothatso?

Lilemong tse seng kae tse fetileng, ho Pat letsatsi le leng la mariha le ile bonahala le qala ka tsela e tloaelehileng. Leha ho le joalo, ha a hopole letho ka matsatsi a mararo a latelang. Hamorao monna oa hae o ile a mo bolella hore ka mor’a ho ba le mahlaba a bohloko haholo ka sefubeng, pelo ea hae e ile ea khaotsa ho otla ka ho feletseng. Pelo ea hae e ile ea qala ho otla kapele le ka mokhoa o sa tloaelehang eaba e ema tsi! O ile a khaotsa ho phefumoloha. Pat o re: “Ha e le hantle, pelo ea ka le matšoafo li ne li khaolitse ho sebetsa.” Empa o ile a pholoha ka mokhoa o mong o itseng. Ha a bua ka nako e telele eo a ileng a e lula sepetlele, o re: “Liteko tse ngata tse neng li etsoa li ne li ntšosa, haholo ha ba ne ba leka ho etsa hore mesifa ea pelo ea ka e finahane ka potlako ’me e eme, joalokaha e ne e ile ea etsa qalong.” Ke eng e neng e ka mo fa khothatso e hlokahalang le phomolo nakong ee e thata?

Joe le Rebecca ba ile ba shoeloa ke mora oa bona ea lilemo li 19 kotsing ea koloi. Ba re: “Ha re e-s’o sebetsane le ntho e utloisang bohloko hakaalo. Le hoja ka nako e fetileng re ’nile ra sareloa le ba bang mafung a bona, kannete re ne re sa utloe bohloko bo matla ba pelo boo re bo utloang hona joale.” Ebe ke eng e neng e ka thoba “bohloko bo matla [joalo] ba pelo”—masoabi aa a feteletseng a ho shoeloa ke motho eo u mo ratang haholo?

Batho bana kaofela, le ba bang ba limilione, ka sebele ba fumane mohloli o fetang eohle oa matšeliso le khothatso. Ho bona hore na ke joang le uena u ka ruang molemo mohloling ona, re kōpa hore u bale ho ea pele.

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Palo e nepahetseng ea masole le baahi ba shoeleng ha e tsejoe. Ka mohlala, buka ea 1998 e bitsoang Facts About the American Wars e bolela sena ka Ntoa ea II ea Lefatše feela: “Mehloli e mengata ea boitsebiso e fana ka palo-khōlō ea ba limilione tse 50 e le eona ea ba shoeleng (masole le baahi) ka lebaka la Ntoa ea II ea Lefatše empa ba bangata ba fupulitseng taba ena ka botebo ba lumela hore palo e nepahetseng haholoanyane e phahame ho feta moo—e ka ’na ea mena palo eo habeli.”

b Lebitso le fetotsoe.

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 3]

UNITED NATIONS/PHOTO BY J. K. ISAAC

UN PHOTO 146150 BY O. MONSEN

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela