Ho Fana Hoo e Leng ha Bohlokoa Mahlong a Jehova
Lengolo le latelang le ile la amoheloa ke ofisi ea lekala ea Lipaki tsa Jehova ea Mozambique:
2“Ke moshemane ea lilemo li supileng. Ke sa ntse ke le sekolong sa praemari. Ke romella chelete ena eo ke e fumaneng ka ho hōlisa tsuonyana. Ke e rekisitse li-Metical tse 12 000 [R6]. Ke leboha Jehova ka ho etsa hore tsuonyana ea pele eo ke e hōlisang e hōle hore e be mokōkō. Ke rata hore mpho ena ea ka e sebelisetsoe mosebetsi oa ’Muso oa Jehova.
“Sehlomathiso: Ntate ke eena ea nthusitseng ho ngola lengolo lena.”
Batho ba bang ba nahana hore ho fana ka seatla se bulehileng ke ntho ea ba hafang ka nkatana. Empa ha re bala tlaleho ea Bibele ea mohlolohali ea ileng a tšela “licheletana tsa tšepe tse peli tsa bohlokoa bo bonyenyane haholo” ka letlōleng la polokelo ea matlotlo, re ka utloisisa hore ho fana ka seatla se bulehileng ha ho lekanngoe ka hore na motho o na le lintho tse kae empa ho lekanngoa ka hore na pelo ea hae sekametse ho lokeng.—Luka 21:1-4.
Jehova o ananela mpho e ’ngoe le e ’ngoe e tsoang pelong e susumetsoang ke lerato, ho sa tsotellehe hore na e nyenyane hakae. O bile o hlohonolofatsa haholo ba mo etsisang ka ho fana ka seatla se bulehileng ka ho tela nako, matla, kapa maruo a bona molemong oa ’Muso oa hae.—Matheu 6:33; Baheberu 6:10.